Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 19:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Hobane taba tseo di hlahile, hore Lengolo le etsahale le reng: Ha ho lesapo la hae le tlang ho rojwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Tsena di etsahetse hore ho tle ho phethahale temana ya Mangolo e reng: “Ha ho lesapo la hae le tla rojwa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

36 Hobane taba tseo di etsahetse hore Lengolo le etsahale le reng: Ho ke ke ha rojwa lesapo la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Hobane taba tseo di etsahetse hore Lengolo le etsahale le reng: Ho ke ke ha rojwa lesapo la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 19:36
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya eba yona taba e neng e boleletswe Jehu ke Jehova, mohla a reng: Bara ba hao ba moloko wa bone ba tla dula teroneng ya Iseraele. Ha fela ha eba jwalo.


Ke ikela jwaloka metsi, masapo a ka kaofela a nonyetsehile; pelo ya ka, fubeng sa ka, e a qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi;


o boloka masapo a hae kaofela, ha ho le leng le robehang.


Masapo a ka kaofela a tla re: Jehova, ke mang ya jwaloka wena; ya ka bolokang ya madimabe ho ba mo hlolang ka matla, ya madimabe le mofumanehi ho batlatlapi ba bona?


E tla jelwa ka tlung e le nngwe; o ke ke wa isa letho la nama ya yona kantle ho ntlo; le se ke la roba lesapo la yona.


ba ke ke ba siya letho la yona le ka sallang hosasane; ba ke ke ba roba lesapo la yona, leha le le leng; ba tla e etsa ka ditaelo tsohle tsa Paseka.


Hoo hohle ho hlahile, hore ho etsahale ho boletsweng ke Morena, ka moporofeta ya itseng:


Ha ke bue ka lona kaofela; ke tseba bao ke ba kgethileng, empa ke hore Lengolo le tle le etsahale, le reng: Ya jang bohobe le nna o nthahile ka serethe sa hae.


Yaba ba bolellana, ba re: A re se ke ra e hahola, re mpe re e laole ka lotho, hore re tle re tsebe hobane e tla ba ya mang. Ya eba hore ho etsahale Lengolo le itseng: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho. Bahlabani ba fela ba etsa jwalo.


Taba tseo ha di fetile, Jesu, ka ho tseba hobane taba tsohle di se di phethehile, a re: Ke nyorilwe; e le hore Lengolo le phethehe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ