Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 19:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Bajuda ba rapela Pilato hore ba thakgisitsweng ba rojwe meomo, mme ba tloswe, hore ditopo di se ke tsa sala difapanong ka Sabatha, hobane ho ne ho hlekelwa yona, mme tsatsi leo la Sabatha e ne e le le leholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Erekaha e ne e le letsatsi la tlhekelo, Bajuda ba kopa Pilato hore ho rojwe meomo ya ba thakgisitsweng, mme ba tloswe, hore ditopo di se ke tsa sala sefapanong ka Sabatha, hobane letsatsi la Sabatha seo le ne le le leholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

31 Bajuda, kahobane e ne e le tlhophiso, hore ditopo di se ke tsa dula sefapanong ka tsatsi la Sabatha, (hobane Sabatha eo e ne e le letsatsi le leholo), ba kopa Pilato hore maoto a bona a rojwe, mme ba tshwaswe. hole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Bajuda, kahobane e ne e le tlhophiso, hore ditopo di se ke tsa dula sefapanong ka tsatsi la Sabatha, (hobane Sabatha eo e ne e le letsatsi le leholo), ba kopa Pilato hore maoto a bona a rojwe, mme ba tshwaswe hole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 19:31
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka tsatsi la pele, phutheho e kgethehileng e tla ba teng, le ka tsatsi la bosupa ho be le phutheho e kgethehileng hara lona. Ha ho ka ke ha etswa mosebetsi le o mong ka matsatsi ao, haese wa seo batho ba se jang; ke wona feela o ka etswang ke lona.


Motho ya lokileng o baballa ho phela ha kgomo ya hae, empa mehauhelo ya e mobe e bohloko.


Ba ja nama ya ba setjhaba sa ka, ba buha letlalo la bona, ba be ba pshatle masapo a bona, ba a kgaole dikoto, jwaloka eka ba a nokela pitseng, ba kgabele le nama ya bona jwaloka hoja ba ya e kenya hara pitsa e kgolo.


Ka hosasane, e leng tsatsi le hlahlamang la hlekelo, baprista ba baholo le bafarisi ba phuthehela ho Pilato,


Ha e se e le mantsiboya, kahobane e ne e le hlekelo, ke ho re, letsatsi le hlahlangwang ke la Sabatha,


E ne e le letsatsi la ho hlekela Paseka, hora yona e batlile ho ba ya botshelela. Pilato a re ho Bajuda: Bonang, morena wa lona ke eo!


Ba bea Jesu hona teng, hobane ho ne ho hlekelwa Sabatha ya Bajuda, le kahobane lebitla le ne le le haufi.


A fanyeha morena wa Ai sefateng se seng, ya ba ya eba mantsiboya; letsatsi ha le dikela, Joshua a laela hore ba fanyolle setopo sa hae sefateng, mme sa lahlelwa pela kgoro ya motse; hodima sona ba qhobela qubuhadi ya majwe; e sa le teng le kajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ