Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 19:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Taba tseo ha di fetile, Jesu, ka ho tseba hobane taba tsohle di se di phethehile, a re: Ke nyorilwe; e le hore Lengolo le phethehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Kamora tsena Jesu, ka ho tseba hore jwale tsohle di phethahetse, a re: “Ke nyorilwe,” e le hore Mangolo a phethahale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

28 Kamora tseo, Jesu a tseba hobane tsohle di se di phethehile, hore Lengolo le etsahale, a re: Ke nyorilwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Kamora tseo, Jesu a tseba hobane tsohle di se di phethehile, hore Lengolo le etsahale, a re: Ke nyorilwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 19:28
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

matla a ka a omile jwaloka lengeta, leleme la ka le manne mahalapeng a ka, o nthobaditse leroleng la lefu.


Ba nneile nyoko e be dijo tsa ka, mme ho nyorweng ha ka ba nnositse asene.


Ke na le kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; mme ke e hlolohetswe hakakang, e be e phethehe!


A nkela ho yena ba leshome le metso e mmedi, a ba bolella, a re: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tsa Mora motho tse ngodilweng ke baporofeta di tla phethahala.


Hobane ke le bolella hore taba e ngodilweng e tshwanetse ho phethehala ho nna, e reng: O badilwe le bakgopo. Hobane ditaba tsa ka di ya ho feleng ha tsona.


ba hlahile ka kganya; ba ne ba bolela lefu la hae, leo a tla le phetha Jerusalema.


Mokete wa Paseka ha o se o tla etswa, Jesu, ka ho tseba hobane nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng, ho ya ho Ntatae, jwalokaha a ne a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata le ho isa qetellong.


Ke o tlotlisitse lefatsheng, ke phethile mosebetsi oo o neng o nneile wona hore ke o etse.


Jesu, kahobane a ne a tseba tsohle tse tla mo hlahela, a tswela ho bona, a re ho bona: Le batla mang?


Yaba ba bolellana, ba re: A re se ke ra e hahola, re mpe re e laole ka lotho, hore re tle re tsebe hobane e tla ba ya mang. Ya eba hore ho etsahale Lengolo le itseng: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho. Bahlabani ba fela ba etsa jwalo.


Eitse hobane Jesu a nke asene, a re: Ho phethehile. Yaba o kebisa hlooho, a neela moya.


Hobane taba tseo di hlahile, hore Lengolo le etsahale le reng: Ha ho lesapo la hae le tlang ho rojwa.


Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Eitse hobane ba phethe ditaba tsohle tse ngodilweng bakeng sa hae, ba mo fanyolla sefateng, ba mo kenya lebitleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ