Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 19:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Yaba ba bolellana, ba re: A re se ke ra e hahola, re mpe re e laole ka lotho, hore re tle re tsebe hobane e tla ba ya mang. Ya eba hore ho etsahale Lengolo le itseng: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho. Bahlabani ba fela ba etsa jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Jwale ba buisana, ba re: “A re se keng ra e tabola, empa a re e laoleng ka lotho, re tle re tsebe hore na e tla ba ya mang;” e le hore ho tle ho phethahale Mangolo a reng: “Ba arolelane diaparo tsa ka, ba loala aparo sa ka ka lotho.” Bahlabani ba fela ba etsa jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Yaba ba bolellana, ba re: A re se keng ra e hahola, empa a re e laoleng ka lotho, hore e tla ba ya mang; Yaba bahlabani ba etsa tsena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Yaba ba bolellana, ba re: A re se keng ra e hahola, empa a re e laoleng ka lotho, hore e tla ba ya mang; Yaba bahlabani ba etsa tsena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 19:24
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya eba yona taba e neng e boleletswe Jehu ke Jehova, mohla a reng: Bara ba hao ba moloko wa bone ba tla dula teroneng ya Iseraele. Ha fela ha eba jwalo.


Ba arolelana diaparo tsa ka, ba laola kobo ya ka.


e be le lesoba la hlooho bohareng ba yona; mmenong wa lesoba e be le moqhaka o tshophilweng; lesoba leo le be jwaloka lesoba la seaparo sa bahlabani hore kobo e se ke ya taboha.


Empa yena ha a lemohe hobane ho dutse jwalo, ha a lemohe pelong ya hae hobane ho jwalo, empa se ka pelong ya hae ke ho senya le ho fedisa ditjhaba tse ngata.


Yare hobane ba mo thakgise, ba arolelana diaparo tsa hae, ba di laola ka lotho; hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho.


Ha ba mo thakgisitse, ba arolelana diaparo tsa hae, ba di laola ka lotho, ho tseba seo e mong le e mong a tla se nka.


Empa Jesu o ne a re: Ntate, o ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae ka ho di laola ka lotho.


Ekare ha molao o bitsitse medimo bao lentswe la Modimo le tletseng bona, athe Lengolo ha le na ho tlolwa,


Ha ke bue ka lona kaofela; ke tseba bao ke ba kgethileng, empa ke hore Lengolo le tle le etsahale, le reng: Ya jang bohobe le nna o nthahile ka serethe sa hae.


Taba tseo ha di fetile, Jesu, ka ho tseba hobane taba tsohle di se di phethehile, a re: Ke nyorilwe; e le hore Lengolo le phethehe.


Hobane ba ahileng Jerusalema le baholo ba bona, ereka ha ba sa ka ba tseba Jesu, ditaba tsa baporofeta tse balwang ka Sabatha e nngwe le e nngwe ba di phethile ka ho mo ahlola.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ