Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 19:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba o tswa a jere sefapano sa hae, mme a tla nqalong e bitswang Lehata, eo, ka Seheberu, ho thweng, ke Golgotha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 A tsamaya a jere sefapano, a ya sebakeng se bitswang Lehata. Ka Seheberu se bitswa Gologotha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Yaba a jere sefapano sa hae, a ya nqalong e bitswang Lehata, e bitswang, ka Seheberu, Golgotha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Yaba a jere sefapano sa hae, a ya nqalong e bitswang Lehata, e bitswang, ka Seheberu, Golgotha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 19:17
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abrahama a nka patsi ya setjheso, a e jarisa Isaaka, mora hae, a nka le mollo letsohong la hae le thipa; mme ba ya ba babedi hammoho.


Jwale, banna ba babedi, bara ba Beliale, ba tla ba ema mabapa le yena; banna bao ba qosa Nabothe pontsheng ho setjhaba, ba re: Nabothe o nyefotse Modimo le morena. Ba ntoo mo isa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a shwa.


Ntshetsa monyefodi kantle ho diahelo; bohle ba mo utlwileng ba bee matsoho a bona hloohong ya hae, mme a tlepetswe ke phutheho yohle.


mme ya sa nkeng sefapano sa hae, a ntatela, ha a ntshwanele.


Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.


Ka hodimo ho hlooho ya hae ba maneha lengolo le bolelang molato wa hae, le reng: Enwa ke Jesu, morena wa Bajuda.


Jesu ha a mo shadima, a mo rata, mme a re ho yena: O hloka ntho e le nngwe: Tsamaya, o rekise ka tsohle tseo o nang le tsona, o di fe bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele o ipelesitse sefapano.


Lengolo la molato wa hae le ne le ngodilwe, le re: Morena wa Bajuda.


Kreste, morena wa Iseraele, a ke a theohe jwale sefapanong, re tle re bone, mme re dumele. Le ba thakgisitsweng le yena ba ne ba mo hlapaola.


Yare hobane a biletse bongata le barutuwa ba hae ho yena, a re ho bona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya ratang ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.


E mong le e mong ya sa jareng sefapano sa hae, a ntatela, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.


Eitse ha ba mo isa polaong, ba tshwara e mong ya bitswang Simone, wa Sirene, ya neng a etswa masimong, ba mo jarisa sefapano kamora Jesu.


Eitse hobane ba fihle thoteng e bitswang Lehata, ba mo thakgisa moo le disenyi tseo, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.


Hape, ho no ho manehilwe lengolo kahodimo ho yena, le ngodilweng ka diletere tsa Segerike, le tsa Seroma, le tsa Seheberu, le reng: Enwa ke morena wa Bajuda.


A ba a bolella bohle, a re: Ekare ha e mong a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, mme a ntshale morao.


Eitse ha Pilato a utlwa taba eo, a ntshetsa Jesu ntle, mme a dula setulong sa kahlolo, nqalong e bitswang Letlapa, ka Seheberu ke Gabatha.


Letsha le teetsweng hare ke mekgoro e mehlano le ne le le teng Jerusalema, monyakong wa Dinku, le bitswang Bethesda ka Seheberu.


Eitse hobane ba mo kgarameletse kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe; mme dipaki tsa bea diaparo tsa tsona maotong a mohlankana ya bitswang Saule.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ