Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 18:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jwale sehlopha, le molaodi wa sekete, le bahlanka ba Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Jwale lebotho la bahlabani, le ena le molaodi wa lona wa ba sekete, le balebedi ba neng ba romilwe ke Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Jwale sehlopha sa masole le molaodi wa sesole le bahlanka ba Bajuda ba tshwara Jesu, ba mo tlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Jwale sehlopha sa masole le molaodi wa sesole le bahlanka ba Bajuda ba tshwara Jesu, ba mo tlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 18:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ba fihla nqalong eo Modimo o mmoleletseng yona. Abrahama a haha aletare teng, a lokisa patsi; a tlama Isaaka, mora hae, a mmea aletareng hodima patsi.


A ba neela hore ba bolokwe tlung ya molaodi wa balebedi, tlung ya teronko, moo Josefa a keneng teronkong teng.


Jehova ke Modimo, mme ke yena ya re bonesang. Tshwarang kgomo ya sehlabelo ka marapo, le e tlise manakeng a aletare!


Ba tshwereng Jesu ba mo isa ho Kaiafa, moprista e moholo, moo bangodi le baholo ba neng ba phuthehetse teng.


Eitse hobane ba mo tlame, ba ya le yena, ba mo neela Ponse Pilato, mmusisi.


Yaba bahlabani ba mmusisi ba isa Jesu kgotla, ba mmokellela sehlopha sohle sa bona.


Jwale ba isa Jesu ho moprista e moholo. Baprista ba baholo bohle le baholo le bangodi ba phuthehela teng.


E sa le hosasa, baprista ba baholo ba etsa morero le baholo, le bangodi, le lekgotla kaofela. Eitse hobane ba tlame Jesu, ba ya le yena, mme ba mo neela Pilato.


Jwale ba phakisa ba mo tshwara, ba ya le yena, ba mo isa tlung ya moprista e moholo. Haele Petrose a latela a le hole.


Yaba Judase o ya le sehlopha, le bahlanka ba baprista ba baholo le ba bafarisi, a tla ka dilanterene, le ka dirumula, le ka dibetsa.


Monna o ne a le teng Sesarea, lebitso la hae e le Kornele, e le molaodi wa lekgolo lekgotleng le bitswang la Italia.


Eitse ha ba batla ho mmolaya, molaodi wa lekgotla la sekete a bolellwa hore Jerusalema kaofela o ferekane.


Pauluse ha a se a tla kenngwa qhobosheaneng, a re ho molaodi wa sekete: Na nka dumellwa ho bua taba le wena na? Molaodi a re: Na o tseba Segerike na?


Moferefere ha o tota, molaodi wa sekete a tshaba hore ba tla harola Pauluse, mme a laela bahlabani hore ba theohele, ba mo hlwibile hara bona, le ho mo kgutlisetsa qhobosheaneng.


Yaba Bafilesta ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, mme ba mo theosetsa Gasa; ba mo tlama teng ka mahlaahlela a mabedi a koporo, mme a nna a soka tshilo ya lelwala teronkong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ