Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 17:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla nne ke ba tsebise lona, hore lerato leo o nthatileng ka lona le be ho bona, le nna ke be ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla nne ke ba tsebise lona, e le hore lerato leo o nthatileng ka lona le tle le be ka ho bona, le nna ke be ka ho bona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla le bolela, hore lerato leo o nthatileng ka lona le be ho bona, le nna ke be ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla le bolela, hore lerato leo o nthatileng ka lona le be ho bona, le nna ke be ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 17:26
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla bolela lebitso la hao ho banabeso, ke o rorise hara phutheho.


Ka tsatsi leo, le tla tseba hobane nna ke ho Ntate, le lona le ho nna, le nna ke ho lona.


Jesu a araba, a re ho yena: Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka; Ntate o tla mo rata, mme re tla tla ho yena, re ahe ho yena.


Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etswang ke morena wa hae; ke le bitsitse metswalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.


Dulang ho nna, le nna ho lona. Jwaloka lekala ha le sitwa ho beha le nnotshi, ha le sa kgomarele sefate, ho jwalo le lona ha le sa nkgomarele.


Jwalokaha Ntate a nthatile, le nna ke le ratile jwalo; dulang leratong la ka.


nna ke be ho bona, mme wena o be ho nna, ba tle ba phethehe bonngweng, lefatshe le tle le tsebe hoba o nthomile, le hoba o ba ratile jwalokaha o nthatile.


Lebitso la hao ke le senoletse batho bao o nneileng bona lefatsheng; e ne e le ba hao, mme o nneile bona, mme ba bolokile lentswe la hao.


Hobane ke ba neile dipolelo tseo o nneileng tsona, mme ba di amohetse, mme ba tsebile kannete hobane ke tswa ho wena, mme ba dumetse hore ke wena o nthomileng.


Ya jang nama ya ka, le ho nwa madi a ka, o dula ho nna, le nna ho yena.


Ha ke batle thoriso ya ka; o teng ya e batlang, ya ahlolang.


Empa Kreste ha a le ka ho lona, mmele wona o shwele ka baka la sebe, empa moya wona o a phela ka baka la ho loka.


Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:


Hobane jwalokaha mmele o le mong, mme o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele o leng mong, leha di le ngata, e le mmele o le mong feela, Kreste le yena o jwalo.


Ke thakgisitswe le Kreste, mme ha e hlole e le nna ya phelang, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna; mme jwale, ha ke sa ntse ke phela nameng, ke iphelela tumelong ho Mora Modimo, ya nthatileng, a ba a itella nna.


e tle e be thoriso ya kganya ya mohau wa wona oo o re hauhetseng ka wona ho Maratuwa wa wona.


Kreste a tle a ahe dipelong tsa lona ka tumelo;


Sephiri sena se seholo; empa ke bua ke ntse ke lekanya Kreste le kereke.


bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba, e leng hoba Kreste o ho lona, yena e leng tshepo ya kganya.


Ka ho yena le tlala tsohle, e le hlooho ya borena bohle le ya mebuso yohle.


Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.


Mme Morena wa rona Jesu Kreste, yena ka sebele, le Modimo, Ntata rona, o re ratileng, o re fileng ka mohau wa wona tshediso e sa feleng le tshepo e molemo,


ha a re: Ke tla bolella banabeso lebitso la hao, ke o binele difela hara phutheho.


Mme ya bolokang ditaelo tsa wona o dutse ho wona, le wona o dutse ho yena, mme hoo re tsebang ka hona hobane o dutse ho rona, ke ka Moya oo o re neileng wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ