Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 17:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Empa jwale, ke tla ho wena, mme ke bolela taba tsena ke sa le lefatsheng, hore ba be le thabo ya ka, mme e tlale ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 “Jwale ke tla ho wena. Ke bua tsena ke sa ntse ke le lefatsheng, hore ba be le thabo ya ka e phethehileng ka ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Jwale ke tla ho wena; mme taba tseo ke di bolela ke sa le lefatsheng, hore ba tle ba be le thabo ya ka e phethehileng ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Jwale ke tla ho wena; mme taba tseo ke di bolela ke sa le lefatsheng, hore ba tle ba be le thabo ya ka e phethehileng ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 17:13
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba re ho bona: Eyang, le je tse nonneng, le nwe tse monate, mme le romele ba sa kang ba lokisetswa letho diabo; hobane tsatsi lena ke le kgethetsweng Morena wa rona; hape, le se ke la itlhomodisa; hobane thabo ya Jehova ke matla a lona.


Ba jalang ka meokgo, ba tla kotula ka mehoo ya thabo.


ke tle ke finyelle aletareng ya Modimo, ho Modimo oo ke o thabelang ka hlasimoloho, ke o binele ka harepa, Modimo, Modimo wa ka!


Jesu, ka ho tseba hobane Ntatae o mo neile dintho tsohle matsohong, le hobane o tswile ho Modimo, mme o ya ho Modimo,


Ke le boleletse taba tseo, hore thabo ya ka e dule ho lona, mme thabo ya lona e tlale.


Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna.


Ha ke sa le lefatsheng, empa bona ba sa le lefatsheng; mme nna ke tla ho wena. Ntate ya halalelang, boloka ka lebitso la hao bao o nneileng bona, ba tle ba be bang, jwaloka rona.


Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi ya emeng teng le ho mo utlwa, o ye a thabe ka thabo e kgolo, ha a utlwa lentswe la monyadi. Thabo ya ka, e leng e jwalo, e phethehile.


Yaba Jesu o re ho bona: Ke sa dutse le lona motsotso o se mokae, ke ntoo ya ho ya nthomileng.


Haele barutuwa, ba ne ba tletse thabo le Moya o Halalelang.


hobane mmuso wa Modimo hase ho ja, hase ho nwa, empa ke ho loka, le kgotso, le thabo, ka Moya o Halalelang.


Empa tholwana ya Moya ke lerato, le thabo, le kgotso, le sebete, le kgauho, le molemo, le botshepehi, le bonolo, le boitshwaro.


re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.


Mme re ngola ditaba tsena, hore thabo ya rona e tle e phethehe.


Ke sa na le ditaba tse ngata, empa ha ke rate ho le ngolla tsona ka pampiri le ka enke; empa ke tshepile ho le etela, le ho buisana le lona ka molomo, thabo ya lona e tle e phethehe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ