Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 16:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ho fihlela jwale, ha le eso ho kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, thabo ya lona e tle e tlale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Ho fihlela jwale ha le eso ka le kopa letho ka lebitso la ka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Ho fihlela jwale ha le eso ka le kopa letho ka lebitso la ka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 16:24
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a re: Modimo wa ntate Abrahama, Modimo wa ntate Isaaka, Jehova ya itseng ho nna: Boela fatsheng la heno, le ho baheno, mme ke tla o etsa hantle!


Nakong ya ho hlahisa sehlabelo, moporofeta Elia a atamela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Abrahama le Isaaka le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno hore ke wena Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse ntho tseo kaofela ka taelo ya hao.


Esekiase a rapela pela Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ya dutseng hodima dikerubime, ke wena Modimo o nnotshi wa mebuso yohle ya lefatshe; o entse mahodimo le lefatshe.


Jwale lona, rapelang jwalo, le re: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao a le ke le kgethehe;


Pelo tsa lona di se ferekane; dumelang ho Modimo, le ho nna le dumele.


Ekare ha le kopa ntho ka lebitso la ka, ke tla e etsa.


Ke le boleletse taba tseo, hore thabo ya ka e dule ho lona, mme thabo ya lona e tlale.


Ka tsatsi leo, ha le ka ke la mpotsa letho. Kannetenete ke re ho lona: Ntho tsohle tseo le tla di qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona.


Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi ya emeng teng le ho mo utlwa, o ye a thabe ka thabo e kgolo, ha a utlwa lentswe la monyadi. Thabo ya ka, e leng e jwalo, e phethehile.


Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Ke sa na le ditaba tse ngata, empa ha ke rate ho le ngolla tsona ka pampiri le ka enke; empa ke tshepile ho le etela, le ho buisana le lona ka molomo, thabo ya lona e tle e phethehe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ