Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ba tla le tebela matlung a thapelo; etswe nako e a tla eo ka yona mang kapa mang ya le bolayang, a tla hopola hore o sebeletsa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Ba tla le leleka disynagogeng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ba tla le leleka disynagogeng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 16:2
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba reng: Ema hojana, se atamele ho nna, hobane ho wena ke ya kgethehileng. Batho bao ke mosi dinkong tsa ka, mollo o tukang kamehla.


Mamelang lentswe la Jehova, lona ba thothometswang ke lentswe la hae. Banababo lona ba le hloileng, ba le lelekisang ka baka la lebitso la ka, ba re: Jehova a ke a hlahise kganya ya hae, re tle re bone thabo ya lona! Empa ba tla swaba.


ba hlalefileng ba hara setjhaba ba tla ruta ba bangata; empa ba bang ba tla fediswa ke lerumo, le ke malakabe, le ke kgoleho, le ke tlatlapo ka matsatsi a mang.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.


Mohlang oo, le tla neelwa ho tshwenngwa, le tla bolawa, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka.


Le tla ba le lehlohonolo mohla batho ba le hloyang, ba le kgethang, ba le hlapaolang, mme ba lahla lebitso la lona jwaloka eka le lebe, ka baka la Mora motho.


Leha ho le jwalo, ba bangata, le hara baholo, ba dumela ho yena; empa ba ne ba sa ipolele ka baka la bafarisi, esere ba lelekwa sinagogeng;


Ke le boleletse taba tseo ka dipapiso; empa nako e a tla, eo ke sa tlo hlola ke bua le lona ka dipapiso; ke mpa ke tla le tsebisa tsa Ntate phatlalatsa.


Bonang, nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo le tla qhalana ka yona, e mong le e mong a ye ka tsela ya hae, le ntlohele ke nnotshi; empa ha ke nnotshi, hobane Ntate o na le nna.


Jesu a re ho yena: Mosadi, ntumele, nako e a tla, eo le sa tlo ka le rapela Ntate thabeng eo, leha e le Jerusalema.


Empa nako e a tla, le jwale e setse e le yona, eo barapedi ba nnete ba tla rapela Ntate ka moya le ka nnete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang jwalo.


Batswadi ba hae ba bua jwalo ke ho tshaba Bajuda; kahobane Bajuda ba ne ba se ba rerile hore, ekare ha motho ofe le ofe a ka bolela hore eo ke Kreste, o tla ntshwa sinagogeng.


Ba mo araba, ba re: O tswaletswe dibeng kahohle, mme o ka hla wa re ruta na! Yaba ba mo lelekela ntle.


Yare ha ba lekgotla ba utlwa tseo, ba tlalwa ke dipelo, mme ba ne ba rata ho ba bolaya.


A re: Bonang! ke bona mahodimo a phetlilwe, le Mora motho a eme ka letsohong le letona la Modimo.


Leha re nyefolwa, re a rapela; re entswe dithole tsa lefatshe, le dilahlwa tsa bohle, ho fihlela jwale.


Haele ka tjheseho ke nna ya hlorisitseng kereke; haele ka ho loka ha molao, ke ne ke se na ho nyatsuwa.


Eitse hobane e manolle tiiso ya bohlano, ka bona katlasa aletare meya ya ba bolaetsweng lentswe la Modimo le bopaki boo ba neng ba bo tiisitse.


Batho ba motse ba re ho Joase: Ntsha mora hao, a shwe, hobane o heleditse aletare ya Baale, mme o remile ashera e pela yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ