Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 16:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Barutuwa ba hae ba bang ba botsana, ba re: Taba eo a re bolellang yona ke ya eng, ha a re: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone; hape ha a re: Ke ya ho Ntate?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Jwale ba bang ba barutuwa ba hae ba botsana, ba re: “Ke eng eo a re bolellang yona, ha a re: ‘Kamora nakwana ha le na ho mpona, empa kamora nakwana le tla boela le mpona?’ le ha a re: ‘Kahobane ke ya ho Ntate?’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Yaba ba bang ba barutuwa ba hae ba bolellana, ba re: Taba eo a re bolellang yona ke efe, ha a re: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Yaba ba bang ba barutuwa ba hae ba bolellana, ba re: Taba eo a re bolellang yona ke efe, ha a re: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 16:17
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba boloka polelo eo ka ho bona, ba botsana hore ho tsoha bafung ke ho reng na?


Empa ba se ke ba utlwisisa taba eo, mme ba tshaba ho mmotsa.


Empa ha ba ka ba utlwisisa taba tseo; polelo eo e ne e patehile ho bona, ba se ke ba utlwisisa tse bolelwang.


Empa ha ba ka ba utlwisisa polelo eo, ya ba sirela, hore ba se ke ba e utlwisisa, mme ba tshaba ho mmotsa hodima lentswe leo.


Barutuwa ba hae ha ba ka ba utlwisisa taba tseo, hona mohlang oo; empa, eitse hobane Jesu a tlotliswe, ba elellwa hobane taba tseo di ne di ngodilwe hodima hae, le hobane ba mo entse tsona.


Judase, e seng Iskariota, a re: Morena, ke kang ha o tla ipontsha rona, o sa ipontshe lefatshe?


Thomase a re ho yena: Morena, ha re tsebe moo o yang; tsela re ka e tseba jwang na?


Ke le boleletse taba tseo, le tle le se ke la kgoptjwa.


Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone, hobane ke ya ho Ntate.


Mme ba re: Ke ho reng, ha a re: Ho se ho se hokae? Ha re tsebe seo a se lekanyang.


Jesu a tseba hobane ba rata ho mmotsa, a ba a re ho bona: Le botsana seo ke tswa se bolela, ha ke itse: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone.


Jwale ke ya ho ya nthomileng, mme ha ho e mong ho lona ya mpotsang hore: O ya kae?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ