Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 16:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Empa etlare hobane eo a tle, e leng Moya wa nnete, o tla le tsamaisa nneteng yohle; hobane o ke ke wa bua o iqalla tsa wona; empa tsohle tseo o di utlwileng, o tla di bolela; le hona o tla le tsebisa tse tla tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 athe ha eo, Moya wa nnete, a etla, o tla le tsamaisa nneteng yohle, hobane a ke ke a bua tsa hae, empa o tla bua tseo a di utlwang, mme o tla le tsebisa tse tlang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Empa etlare hobane Moya wa nnete o fihle, o tla le tataisetsa nneteng yohle; empa tsohle tseo a di utlwang, o tla di bua, mme o tla le tsebisa tse tlang ho tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Empa etlare hobane Moya wa nnete o fihle, o tla le tataisetsa nneteng yohle; empa tsohle tseo a di utlwang, o tla di bua, mme o tla le tsebisa tse tlang ho tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 16:13
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moya wa Jehova o tla dula hodima hae, moya wa bohlale le wa kelello, moya wa keletso le wa matla, moya wa ho tseba le wa ho tshaba Jehova.


Kamora tseo, ke tla tshollela moya wa ka hodima nama yohle, ho be ho porofete bara ba lona le baradi ba lona, maqheku a lona a lore ditoro, le bahlankana ba lona ba bone dipono.


Hobane ha ke a ka ka bolela ke iqalla tsa ka, empa Ntate ya nthomileng ke yena ya nneileng taelo ya seo ke tla se bolela, le ya mokgwa oo ke tla se bolela ka wona.


ke ho re, Moya wa nnete, oo lefatshe le sa tlo ka le o amohela, kahobane ha le o bone, mme ha le o tsebe; empa lona le a o tseba, hobane o dula le lona, mme o tla ba ka ho lona.


empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke yena ya tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa le tsohle tseo ke le boleletseng tsona.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.


Etlare hobane ho tle Moemedi eo ke tla mo roma ho lona, a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.


Ke sa na le ditaba tse ngata tseo nka beng ke le bolella tsona; empa haele jwale, di ka le imela.


Seo a se boneng, le seo a se utlwileng, o a se paka; empa ha ho motho ya amohelang bopaki ba hae.


Nna ke bolela seo ke se boneng ho Ntate; le lona he le etsa seo le se boneng ho ntata lona.


E mong wa bona, ya bitswang Agabuse, a ema, mme a porofeta ka Moya hore tlala e kgolo e tla wela lefatshe lohle. E fedile ya hlaha mehleng ya Sesare Klaude.


haese hobane, motseng o mong le o mong, Moya o Halalelang o ntse o nkomela hore ditlamo le dihloriso di ntebeletse.


la re: Pauluse, o se ke wa tshaba; e ka kgona o hlahe pela Sesare, mme bona, Modimo o o neile bohle ba etang le wena sekepeng sena.


hore ho tle ho ahlolwe bohle ba sa kang ba dumela nnete, ba mpa ba thabetse bokgopo.


Le se ke la thetswa ke motho le ka mokgwa o le mong; hobane e ka kgona ho etsahale kweneho pele, mme ho hlahe motho eo wa sebe, mora tahleho;


Modimo, ha o ne o buile hangata mehleng ya kgale, le ka mekgwa e mengata, le bontata rona ka baporofeta,


Haele lona, le amohetse tlholo ho Ya halalelang, mme le tseba tsohle.


Haele lona, tlholo eo le e nkileng ho yena e dutse ho lona, mme ha le a tshwanela ho rutwa ke e mong; empa jwalokaha tlholo ya hae e le ruta tsohle, mme e le ya nnete, e se ya leshano, dulang ho yona, jwalokaha a le rutile.


Rona, re ba Modimo; ya tsebang Modimo o a re utlwa; eo e seng wa Modimo ha a re utlwe; ke kahoo re tsebang moya oo e leng wa nnete, le moya oo e leng wa leshano.


Jesu Kreste ke yena ya tlileng ka metsi le ka madi; e seng ka metsi feela, empa e le ka metsi le ka madi. Mme Moya ke wona paki; hobane Moya ke nnete.


Ke ena tshenolo ya Jesu Kreste, eo a e neileng ke Modimo, ho tsebisa bahlanka ba hae ditaba tse tshwanetseng ho hlaha kapele, tseo a di rometseng ka lengeloi, a bileng a di tshwantshetsa Johanne, mohlanka wa hae,


Jwale, ngola ditaba tseo o di boneng, le tse leng jwale, le tse tlang ho tla kamora tsena,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ