Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 15:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Etlare hobane ho tle Moemedi eo ke tla mo roma ho lona, a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 “Ha Mothusi eo ke tla mo romela ho lona a tlile a etswa ho Ntate, Moya wa nnete o tswang ho Ntate, o tla mpaka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Etlare ha Moemedi a fihla, eo ke tla mo romela ho lona a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Etlare ha Moemedi a fihla, eo ke tla mo romela ho lona a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 15:26
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme bonang, nna ke tla le romela pallo ya Ntate; le mpe le sale motseng wa Jerusalema, le tle le be le apeswe ka matla a tswang hodimo.


empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke yena ya tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa le tsohle tseo ke le boleletseng tsona.


Leha ho le jwalo, ke le bolella nnete: ho molemo ho lona ha nka ikela; hobane ha ke sa ye, Moemedi a ke ke a tla ho lona; empa ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.


Jesu a re ho bona: Holane Modimo ke ntata lona, le ka be le nthata, kahobane ke tswile ho Modimo, mme ke tlile. Ha ke a itlisa, empa ke wona o nthomileng.


Enereha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, ba mpe ba lebelle pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna,


Modimo o tsebang dipelo, o ba pakile, ka ho ba nea Moya o Halalelang, jwaloka rona.


Rona, re dipaki tsa hae ditabeng tseo, rona le Moya o Halalelang oo Modimo o o neileng ba o utlwang.


kamoo bopaki ba Jesu Kreste bo tiisitsweng kateng, ka ho lona.


ha Modimo o ntse o omela hammoho le bona ka dipontsho, le meeka, le diketso tse ngata tse matla, le ka dineo tse ajwang ke Moya o Halalelang, kamoo o ratang kateng?


Lengeloi la mpontsha hape noka e ntle ya metsi a bophelo, a hlwekileng jwaloka kristale, e tswang teroneng ya Modimo le Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ