Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 15:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etswang ke morena wa hae; ke le bitsitse metswalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ha ke sa le bitsa bahlanka, hobane mohlanka ha a tsebe seo monga hae a se etsang, empa lona ke le bitsitse metswalle, hobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Ho tloha jwale ha ke le bitse bahlanka; hobane mohlanka ha a tsebe seo monga hae a se etsang; hobane tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate, ke le tsebisitse tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ho tloha jwale ha ke le bitse bahlanka; hobane mohlanka ha a tsebe seo monga hae a se etsang; hobane tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate, ke le tsebisitse tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 15:15
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lekunutu la Jehova ke la ba mo tshabang, o ba ruta selekane sa hae.


Motho ya nang le metswalle e mengata ho yena ke tshenyehelo, empa mohlomong motswalle e mong o a kgomarele motho ho fetisa ngwanabo motho.


Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.


A ba araba, a re: Ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.


A ntoo retelehela ho barutuwa ba hae, a re ho bona, ba le kathoko: Ho lehlohonolo mahlo a bonang tseo le di bonang!


Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, ya ntshebeletsang le yena o tla ba teng; ekare ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo tlotlisa.


Kannetenete ke re ho lona: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae, le lenqosa ha le leholo ho ya le romileng.


Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ha ke ne ke re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lona; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.


Ke sa na le ditaba tse ngata tseo nka beng ke le bolella tsona; empa haele jwale, di ka le imela.


Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla nne ke ba tsebise lona, hore lerato leo o nthatileng ka lona le be ho bona, le nna ke be ho bona.


Jesu a re ho yena: Se nkame, hobane ha ke eso ho nyolohele ho Ntate; o mpe o ye ho banabeso, o re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntata lona, ho Modimo wa ka, e leng le Modimo wa lona.


Mosadi a re ho yena: Morena, ke a bona hobane o moporofeta.


Ke na le ditaba tse ngata tsa ho le bolela, le tsa ho le ahlola ka tsona; empa ya nthomileng ke wa nnete; mme ditaba tseo ke di utlwileng ho yena ke di bolella lefatshe.


Hobane ha ke a ka ka tswafa ho le bolella morero wohle wa Modimo.


Hobane seo ke se etsang ha ke se tsebe; hobane ha ke etse seo ke se ratang, empa ke etsa seo ke se hloileng.


Hobane ke mang ya tsebileng kgopolo ya Morena a tle a mo rute? Empa rona, re tsebile kgopolo ya Kreste.


Mme erekaha le le bana, Modimo o rometse dipelong tsa lona Moya wa Mora wa wona, o howang, o re: Abba! Ntate!


wa re tsebisa sephiri sa thato ya wona ka boithatelo ba wona, kamoo o neng o itherele kateng;


Sephiri seo ha se a ka sa senolelwa bana ba batho melokong e fetileng, jwalokaha se tswa senolwa mehleng ena ke Moya ho baapostola ba hae ba halalelang, le ho baporofeta;


e leng sephiri se nnileng sa patwa mehleng yohle le melokong yohle, empa jwale se pepeseditswe bahalaledi ba wona;


e tle e se ke ya hlola e eba mohlanka, e mpe e be ya fetisang mohlanka, e be moena ya ratwang, haholo ke nna, haholoholo ke wena ka nqeng ya nama le ka nqeng ya Morena!


Ke le Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke ngolla meloko e leshome le metso e mmedi e qhalaneng, ke re: Dumelang!


ha ba ha etsahala lengolo le reng: Abrahama o dumetse Modimo, mme a ballwa hona hoba ke ho loka, mme a newa lebitso la motswalle wa Modimo.


Ba ne ba ntse ba batlisisa hore na ke nako efe le e jwang e neng e lekantswe ke Moya wa Kreste, o neng o le ho bona, ha o ne o ba bolella pele mahlomola a Kreste, le kganya e tlang ho a latela.


Ke le Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla lona ba abetsweng tumelo e le nngwe le ya rona ka bohlokwa, ka ho loka ha Modimo le Mmoloki wa rona, Jesu Kreste, ke re:


Ke le Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba bitsitsweng, ba ratilweng ke Modimo Ntate, ba boloketsweng Jesu Kreste, ke re:


Ke ena tshenolo ya Jesu Kreste, eo a e neileng ke Modimo, ho tsebisa bahlanka ba hae ditaba tse tshwanetseng ho hlaha kapele, tseo a di rometseng ka lengeloi, a bileng a di tshwantshetsa Johanne, mohlanka wa hae,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ