Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 15:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Le metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Le metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 15:14
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le Asaria, mora Nathane, modisa wa matona a mang; le Sabude, mora moprista Nathane, sephatho sa morena;


A kgomarela Jehova, a se ke a lesa ho mo latella; a nna a boloka taelo tsa hae, tseo Jehova a di laetseng Moshe.


Na hase wena, Modimo wa rona, o neng o falatse baahi ba lefatshe lena pela setjhaba sa hao sa Iseraele, o bileng wa le nea ditloholo tsa Abrahama, motswalle wa hao, hore e be la tsona kamehla na?


Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laelang kateng; ba fela ba etsa jwalo.


Motho ya nang le metswalle e mengata ho yena ke tshenyehelo, empa mohlomong motswalle e mong o a kgomarele motho ho fetisa ngwanabo motho.


Ke tlile serapeng sa ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, ke ikgoletse mirra ya ka le nonetso ya ka, ka ja kgekge ya dinotshi tsa ka, ka nwa veine ya ka le lebese la ka ... Oho metswalle, jang, le nwe, le tahwe lerato.


Empa wena Iseraele, mohlanka wa ka, Jakobo, wena eo ke ikgethetseng yena, leloko la Abrahama, moratuwa wa ka,


Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.


Ka etsa jwalo, kamoo a ntaetseng kateng. Motshehare, ka ntshetsa thoto ya ka kantle, jwalokaha ho ntshwa thoto ya mofalli; mantsiboya, ka phunya lerako ka matsoho a ka. Eitse ka shwalane, ka e ntshetsa ntle, mme ka e jara ka mahetla pela mahlo a bona.


Hobane e mong le e mong ya tla etsa thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena e leng ngwaneso, le kgaitsedi ya ka le mmè.


Empa ke re ho lona le leng metswalle ya ka: Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, mme kamorao ha ba na ho hong hoo ba ka ho etsang.


Ekare ha le tseba taba tseo, le lehlohonolo ha le di etsa.


Ya nang le melao ya ka, mme a e boloka, ke yena ya nthatang; mme ya nthatang o tla ratwa ke Ntate; le nna ke tla mo rata, mme ke tla ipontsha yena.


Le utlwile ha ke itse ho lona: Ke a ya, mme ke tla boela ho lona. Hoja le a nthata, le ka be le thabile, ha ke itse: Ke ya ho Ntate; hobane Ntate o moholo ho nna.


Mmae a re ho bahlanka: Etsang kahohle kamoo a tla le bolella kateng.


ha ba ha etsahala lengolo le reng: Abrahama o dumetse Modimo, mme a ballwa hona hoba ke ho loka, mme a newa lebitso la motswalle wa Modimo.


Hobane ho rata Modimo, ke ha re boloka ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima.


Ebile o theohela seotlong, a etsa kahohle kamoo matsalae a mo laetseng kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ