Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 14:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ha nka ke ka hlola ke bua le lona haholo, hobane morena wa lefatshe lena o a tla; mme ha a na letho ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane mmusi wa lefatshe o a tla. Ha a na matla hodima ka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Ho tloha jwale ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane morena wa lefatshe lena o a tla, mme ha a na letho ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Ho tloha jwale ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane morena wa lefatshe lena o a tla, mme ha a na letho ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 14:30
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kgurumetsa; ka baka leo, ho halalelang ho tla tswalwa ke wena ho tla bitswa Mora Modimo.


Ke ne ke ntse ke na le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, mme ha le a ka la bea matsoho ho nna; empa ke yona nako ya lona le matla a lefifi.


Jwale, e se e le kahlolo ya lefatshe lena; jwale, morena wa lefatshe lena o tla lelekelwa ntle.


e leng bao e neng ere hobane a utlwiswe bohloko, a ileng a ipontsha bona, a se a phela, ka dipontsho tse ngata tse kgodisang, ba mmona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bolela tsa mmuso wa Modimo.


e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


tseo kgale le neng le itsamaela ho tsona ka mokgwa wa lefatshe lena, ha le ne le sa buswa ke morena ya busang matla a sebaka, e leng moya o sebetsang jwale baneng ba ho se dumele.


Hobane ntwa ya rona ha e lwane le nama le madi, empa e lwana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e bolotsana e sebakeng sa lehodimo.


mme o re ntshitse matleng a lefifi, wa re falletsa mmusong wa Mora wa wona ya ratwang;


Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;


empa e le ka madi a bohlokwa a Kreste, konyana e se nang letheba le sekodi;


yena ya sa kang a etsa sebe, mme le thetso ha e a ka ya fumanwa molomong wa hae;


Bana, haele lona, le tswa ho Modimo, mme le ba hlotse; hobane ya leng ho lona o fetisa ka boholo ya leng lefatsheng.


Re a tseba hoba e mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; empa ya tswetsweng ke Modimo o a ipoloka, mme e mobe ha a mo ame.


Re a tseba hoba re tswetswe ke Modimo le hoba lefatshe lohle le rapaletse katlase ho e mobe.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ