Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 14:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mme etlare ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke boye, ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke tle ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be hona teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Mme etlare ha ke eya ho le lokisetsa bodulo, ke tla boela ke tle, mme ke le nkele ho nna; hore moo ke leng teng, le lona le be teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Mme etlare ha ke eya ho le lokisetsa bodulo, ke tla boela ke tle, mme ke le nkele ho nna; hore moo ke leng teng, le lona le be teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 14:3
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, ya ntshebeletsang le yena o tla ba teng; ekare ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo tlotlisa.


Le utlwile ha ke itse ho lona: Ke a ya, mme ke tla boela ho lona. Hoja le a nthata, le ka be le thabile, ha ke itse: Ke ya ho Ntate; hobane Ntate o moholo ho nna.


Mme moo ke yang, le a tseba, le tsela le a e tseba.


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le nna, ba tle ba tadime kganya ya ka, eo o nneileng yona; hobane o nthatile lefatshe le eso ho thewe.


ba re: Banna ba Galelea, le ntse le emetseng, le lelaletse lehodimong? Jesu eo ya nketsweng lehodimong a le hara lona, o tla be a tle ka mokgwa oo le mmoneng a eya lehodimong ka wona.


Mme ha re le bana, re majalefa: majalefa a Modimo, le majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re utlwa bohloko le yena, re tle re newe kganya le yena.


hobane ke hulwa ka nqa tse pedi; ke na le takatso ya ho tloha le ho ba le Kreste, hobane ke hona ho leng molemo ka ho fetisisa.


lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste le tle le tlotliswe ka lona, le lona le tlotliswe ho yena, ka mohau wa Modimo wa rona, le wa Jesu Kreste Morena wa rona.


mme ha re mamella bohloko le yena, re tla busa le yena; ha re mo latola, le yena o tla re latola;


ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Ya hlolang, ke tla mo fa ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ