Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 14:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Le utlwile ha ke itse ho lona: Ke a ya, mme ke tla boela ho lona. Hoja le a nthata, le ka be le thabile, ha ke itse: Ke ya ho Ntate; hobane Ntate o moholo ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 “Le utlwile hore ke le boleletse, ka re: ‘Ke a ya, mme ke tla kgutlela ho lona.’ Haeba le ne le nthata, le ka be le thabile, hobane ke ya ho Ntate, kaha Ntate o moholo ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

28 Le utlwile kamoo ke le boleletseng kateng, ka re: Ke a tsamaya, mme ke kgutlela ho lona. Hoja le a nthata, le ka be le thabile, kahobane ke itse, ke ya ho Ntate, hobane Ntate o moholo ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Le utlwile kamoo ke le boleletseng kateng, ka re: Ke a tsamaya, mme ke kgutlela ho lona. Hoja le a nthata, le ka be le thabile, kahobane ke itse, ke ya ho Ntate, hobane Ntate o moholo ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 14:28
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O nyolohetse phahameng, o isitse batshwaruwa kgolehong, o nkile dineo ho batho le ho bona bakwenehi, hore Jehova Modimo a tle a tsebe ho aha teng.


Modimo wa nesa pula ya medupe, mme lefa la hao le kgathetseng wa le tiisa.


Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.


Ka baka la mofufutso wa moya wa hae, o tla bona se mo kgodisang; mohlanka wa ka ya lokileng o tla bea ba bangata ho loka ka tsebo ya hae, mme o tla jara makgopo a bona.


Bonang mohlanka wa ka eo ke ikgethetseng yena, moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke tla bea Moya wa ka hodima hae, mme o tla bolella ditjhaba ho loka.


empa ekare ha ke e etsa, mme le sa dumele ho nna, dumelang mesebetsi, hore le tle le tsebe, mme le dumele hobane Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho yena.


Kannetenete ke re ho lona: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae, le lenqosa ha le leholo ho ya le romileng.


Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le yena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ya ho Ntate;


Ha nka ke ka le tlohela la ba dikgutsana; ke sa tla boela ho lona.


Leha ho le jwalo, ke le bolella nnete: ho molemo ho lona ha nka ikela; hobane ha ke sa ye, Moemedi a ke ke a tla ho lona; empa ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.


Jesu a re ho yena: Se nkame, hobane ha ke eso ho nyolohele ho Ntate; o mpe o ye ho banabeso, o re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntata lona, ho Modimo wa ka, e leng le Modimo wa lona.


Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona! Jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke le roma jwalo.


Ka baka leo, Bajuda ba thoothelwa ho mmolaya, ka hore, ha a tlole molao wa Sabatha feela, empa o bile o re, Modimo ke Ntatae ka sebele, mme o iketsa ya lekanang le Modimo.


Yaba Jesu o re ho bona: Ke sa dutse le lona motsotso o se mokae, ke ntoo ya ho ya nthomileng.


Empa ke rata ha le ka tseba hoba hlooho ya monna e mong le e mong ke Kreste, mme hlooho ya mosadi ke monna, mme hlooho ya Kreste ke Modimo.


eo le mo ratang, leha le sa ka la mmona; eo, leha le eso ho mmone ho fihlela jwale, le dumetseng ho yena, mme le nyakallang ka thabo e sa bolelweng, e tlotlehang;


Ke nna alfa le omega, wa pele le wa morao. Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o ntoo se romela ho dikereke tse supileng tse Asia, e leng Efese, le Smirna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ