Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 14:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ya sa nthateng, ha a boloke mantswe a ka; mme lentswe leo le le utlwang, hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Ya sa nthateng ha a boloke mantswe a ka, mme lentswe leo le le utlwang hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Ya sa nthateng ha a boloke dipolelo tsa ka, mme lentswe leo le le utlwang hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Ya sa nthateng ha a boloke dipolelo tsa ka, mme lentswe leo le le utlwang hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 14:24
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a re ho yena: Ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.


Na ha o dumele hobane ke ho Ntate, le hobane Ntate o ho nna? Mantswe ao ke le bolellang wona, ha ke a bolele ke nnotshi; mme Ntate ya dutseng ho nna, ke yena ya etsang mesebetsi eo ke e etsang.


Ke le boleletse taba tseo, ke sa dutse le lona;


Kannetenete ke re ho wena: Re bolela seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng; empa ha le amohele bopaki ba rona.


Hobane ya romilweng ke Modimo o bolela mantswe a Modimo, hobane Modimo ha o mo nee Moya ka tekanyo.


Jesu a araba ke hona, a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Mora o sitwa ho etsa letho a nnotshi, ha a sa ka a le bona le etswa ke Ntatae; hobane tsohle tse etswang ke Ntate, Mora o di etsa jwalo le yena.


Mme lentswe la hae ha le dule ho lona, hobane ha le dumele eo a mo romileng.


Jesu a ba araba, a re: Thuto ya ka hase ya ka, empa e le ya ya nthomileng.


Yaba Jesu o phahamisa lentswe tempeleng, a ruta, a re: Le a ntseba, le bile le tseba le moo ke tswang teng; ha ke a itlisa, empa ya nthomileng ke wa nnete, mme ha le mo tsebe.


Ke na le ditaba tse ngata tsa ho le bolela, le tsa ho le ahlola ka tsona; empa ya nthomileng ke wa nnete; mme ditaba tseo ke di utlwileng ho yena ke di bolella lefatshe.


Jwale, Jesu a re ho bona: Etlare hobane le fanyehe Mora motho, ke moo le tla tseba hobane ke nna enwa, le hobane ha ke etse letho ke nnotshi, ke mpa ke bolela ditaba tseo jwalokaha Ntate a nthutile.


Nna ke bolela seo ke se boneng ho Ntate; le lona he le etsa seo le se boneng ho ntata lona.


Jesu a re ho bona: Holane Modimo ke ntata lona, le ka be le nthata, kahobane ke tswile ho Modimo, mme ke tlile. Ha ke a itlisa, empa ke wona o nthomileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ