Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 14:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ya nang le melao ya ka, mme a e boloka, ke yena ya nthatang; mme ya nthatang o tla ratwa ke Ntate; le nna ke tla mo rata, mme ke tla ipontsha yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Ya nang le melao ya ka, mme a e boloka, ke yena ya nthatang; mme ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Ya nang le melao ya ka, mme a e boloka, ke yena ya nthatang; mme ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 14:21
43 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A kgomarela Jehova, a se ke a lesa ho mo latella; a nna a boloka taelo tsa hae, tseo Jehova a di laetseng Moshe.


Ke moo ba ratang taba e lokileng ya ka ba tla bina ba nyakaletse; ba tla re ka matsatsitsatsi: Jehova o moholo, ya ratang molemo wa mohlanka wa hae!


Jehova a re ho Moshe: Ke tla etsa le seo o se boletseng, hobane o bone mohau ho nna, mme ke o tsebile ka lebitso la hao. Moshe a re: Ako mpontshe sefahleho sa hao.


Ke rata ba nthatang; ba mpatlang e sa le kameso, ba tla mphumana.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho etsa selekane se setjha le ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda;


Jehova, Modimo wa hao, o kahare ho wena: ke mohale ya pholosang. O tla o thabela ka thabo e kgolo, a be a kgutse ka baka la lerato la hae; o tla o nyakallela ka meduduetsa.


A mpa a re: E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, mme ba le boloka.


Ha nka ke ka le tlohela la ba dikgutsana; ke sa tla boela ho lona.


Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.


Wona o tla ntlotlisa, hobane o tla nka tse ho nna, o le tsebise tsona.


hobane Ntate o a le rata e le yena, kahobane le nthatile, mme le dumetse hoba ke tswa ho Modimo.


nna ke be ho bona, mme wena o be ho nna, ba tle ba phethehe bonngweng, lefatshe le tle le tsebe hoba o nthomile, le hoba o ba ratile jwalokaha o nthatile.


Ka bona Morena a mpolella, a re: Phakisa o tlohe Jerusalema kapele; hobane ba ke ke ba amohela polelo eo o mpolelang ka yona.


Bakeng seo, ke rapetse Morena hararo, hore ntho eo e tloswe ho nna.


Jwale, rona bohle ba tadimang seiponeng kganya ya Morena, ka mahlo a se nang lesira, re fetohela setshwantshong se le seng le yena ka kganya e isang kganyeng, e leng ka Moya wa Morena.


Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.


Etlare ha le mamedisisa ditaelo tsa ka tseo ke le laelang tsona kajeno, ha le rata Jehova, Modimo wa lona, le mo sebeletsa ka dipelo tsa lona tsohle, le ka meya ya lona yohle,


O tla o rata, a o hlohonolofatse, mme a o atise; o tla hlohonolofatsa ditholwana tsa popelo le tsa mobu wa hao, koro ya hao, le veine e ntjha ya hao, le ole ya hao, le ho tswalwang ke dikgomo tsa hao, le dikonyana tsa dinku tsa hao lefatsheng leo a anetseng bontatao, a re, o tla o fa lona.


Mme Morena wa rona Jesu Kreste, yena ka sebele, le Modimo, Ntata rona, o re ratileng, o re fileng ka mohau wa wona tshediso e sa feleng le tshepo e molemo,


Morena Jesu Kreste a be le moya wa hao! Mohau o be le lona! Amen!


Empa ya bolokang lentswe la wona, lerato la Modimo le phethehile ruri ka ho yena; ke kahoo re tsebang hobane re ho wona.


Bonang! lerato leo Ntate a re ratileng ka lona le lekakang, ha re bitswa bana ba Modimo! Re fela re le bona. Ka baka leo, lefatshe ha le re tsebe, kahobane ha le a ka la o tseba.


Hobane ho rata Modimo, ke ha re boloka ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima.


Mme seo e leng lerato, ke hoba re tsamaye ka taelo tsa hae; mme ke ena taelo, kamoo le e utlwileng kateng, esale ho qaleng, hore le tsamaye ho yona.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, ke be ke mo fe le lejwe le lesweu, leo ho ngodilweng ho lona lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ke ya le amohelang.


Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, ba tle ba lokele ho ja sefate sa bophelo, mme ba kene motseng ka menyako ya wona.


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota; ekare ha e mong a utlwa lentswe la ka, mme a bula monyako, ke tla kena ha hae, mme ke tla lalla le yena, le yena le nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ