Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 14:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le tla mpona; erekaha nna ke phela, le lona le tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona, empa lona le a mpona, hobane ke a phela, le lona le tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le a mpona, hobane ke phela, le lona le tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le a mpona, hobane ke phela, le lona le tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 14:19
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a re ho yena: Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna, leha a shwele, o tla phela.


Jesu a re ho bona: Le sa na le lesedi ka motsotso o se okae. Tsamayang ha le sa na le lesedi, hore lefifi le se ke la le tshwara; hobane ya tsamayang lefifing, ha a tsebe moo a yang teng.


Bana ba ka, ke sa dutse le lona ho se hokae; le tla mpatla, mme jwalokaha ke boleletse Bajuda, ka re: Moo ke yang teng, lona le ka sitwa ho tla, jwale ke rialo le ho lona.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.


Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone, hobane ke ya ho Ntate.


Le lona le utlwa bohloko jwale; empa ke tla boela ke le bone, mme dipelo tsa lona di tla thaba, mme ha ho motho ya tla le amoha thabo ya lona.


Ho ratwang ke ya nthomileng ke hore, e mong le e mong ya tadimang Mora, mme a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng; mme nna, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.


Yaba Jesu o re ho bona: Ke sa dutse le lona motsotso o se mokae, ke ntoo ya ho ya nthomileng.


Yaba Jesu o boela a re ho bona: Ke a ya, mme le tla mpatla, mme le tla shwa sebeng sa lona; moo nna ke yang teng, lona le sitwa ho tla.


e seng ho setjhaba kaofela, e le ho dipaki tseo Modimo o di kgethileng pele, e leng rona bao re jeleng, re nweleng le yena, hobane a tsohe bafung.


Hobane esitile re sa ntse re le dira, re bile ra boelanngwa le Modimo ka ho shwa ha Mora wa wona, haholo jwale, ha re se re boelantswe, re tla bolokeha hakakang ka ho phela ha hae!


Ya tla ba tswa ke mang? Kreste ke yena ya shweleng, a bileng a tsoha, hape ke yena ya leng ka letsohong le letona la Modimo, hapehape e sa le yena ya re rapellang.


Tjhe, empa Kreste o tsohile bafung, mme o beilwe thakangwaha ya ba robetseng.


Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang, mme Adama wa morao o entswe moya o phedisang.


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ