Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 14:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Na ha o dumele hobane ke ho Ntate, le hobane Ntate o ho nna? Mantswe ao ke le bolellang wona, ha ke a bolele ke nnotshi; mme Ntate ya dutseng ho nna, ke yena ya etsang mesebetsi eo ke e etsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Na ha o dumele hore ke ka ho Ntate, le Ntate o ka ho nna na? Dipolelo tseo ke le bolellang tsona, ha ke di bolele di etswa ho nna, empa Ntate ya dulang ka ho nna o etsa mesebetsi ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Na ha o dumele hore ke ho Ntate, le hore Ntate o ho nna? mantswe ao ke le bolellang wona, ha ke a bue ka bonna, empa Ntate ya dutseng ka ho nna, ke yena ya etsang mesebetsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Na ha o dumele hore ke ho Ntate, le hore Ntate o ho nna? mantswe ao ke le bolellang wona, ha ke a bue ka bonna, empa Ntate ya dutseng ka ho nna, ke yena ya etsang mesebetsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 14:10
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

empa ekare ha ke e etsa, mme le sa dumele ho nna, dumelang mesebetsi, hore le tle le tsebe, mme le dumele hobane Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho yena.


E mong le e mong ya phelang, mme a dumetse ho nna, a ke ke a shwa le ka mohla o le mong. Na o dumela hona na?


Hobane ha ke a ka ka bolela ke iqalla tsa ka, empa Ntate ya nthomileng ke yena ya nneileng taelo ya seo ke tla se bolela, le ya mokgwa oo ke tla se bolela ka wona.


Ntumeleng, hobane ke ho Ntate, le hoba Ntate o ho nna; ho se jwalo, ntumeleng ka baka la yona mesebetsi.


Ka tsatsi leo, le tla tseba hobane nna ke ho Ntate, le lona le ho nna, le nna ke ho lona.


Ya sa nthateng, ha a boloke mantswe a ka; mme lentswe leo le le utlwang, hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng.


Hobane ke ba neile dipolelo tseo o nneileng tsona, mme ba di amohetse, mme ba tsebile kannete hobane ke tswa ho wena, mme ba dumetse hore ke wena o nthomileng.


A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo; hobane ha ho motho ya ka etsang mehlolo eo o e etsang, ha Modimo o se ho yena.


Empa Jesu a ba araba, a re: Ntate o sa sebetsa le jwale, le nna ke a sebetsa.


Jesu a araba ke hona, a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Mora o sitwa ho etsa letho a nnotshi, ha a sa ka a le bona le etswa ke Ntatae; hobane tsohle tse etswang ke Ntate, Mora o di etsa jwalo le yena.


Jesu a ba araba, a re: Thuto ya ka hase ya ka, empa e le ya ya nthomileng.


Jwale, Jesu a re ho bona: Etlare hobane le fanyehe Mora motho, ke moo le tla tseba hobane ke nna enwa, le hobane ha ke etse letho ke nnotshi, ke mpa ke bolela ditaba tseo jwalokaha Ntate a nthutile.


Nna ke bolela seo ke se boneng ho Ntate; le lona he le etsa seo le se boneng ho ntata lona.


Athe jwale le rata ho mpolaya, nna ke leng motho ya le boleletseng nnete, eo ke e utlwileng ho Modimo; Abrahama ha a ka a etsa hona.


kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.


ke ho re, Modimo o ne o le ho Kreste, ha o busetsa lefatshe kgotsong ho wona ka ho se balle batho dibe tsa bona, mme o kentse ho rona polelo ya poelano.


Hobane botlalo kaofela bo ratile ho ikahela ka ho yena;


Hobane botlalo kaofela ba bomodimo bo ahile ho yena ka mmele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ