Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 14:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Pelo tsa lona di se ferekane; dumelang ho Modimo, le ho nna le dumele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 “Pelo tsa lona di se ferekane. Dumelang ho Modimo; le ho nna le dumele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 A dipelo tsa lona di se ferekane; le dumela ho Modimo, le dumele le ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 A dipelo tsa lona di se ferekane; le dumela ho Modimo, le dumele le ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 14:1
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo, ke sa tla o roka; ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.


Ka re: Se nkutlwisang bohloko, ke hoba letsoho la Mookamedi ya phahameng haesale lona ...


Ya pelo e tiileng o tla mmoloka kgotsong e fetisisang, kahobane o o tshepile.


Tshediso ya ka bohlokong ba ka ke efe? Pelo ya ka e fela ka ho nna.


Jesu ha a mmona a lla, le Bajuda ba mo feheleditseng ba lla, a hlabeha moyeng, a sisimoha,


Jwale, moya wa ka o a sisimoha; mme ke tla reng? Na ke tla re: Ntate, o ntwele nakong ena? Empa ke yona ntho eo ke tletseng nako ena.


Jesu a mpa a howa, a re: Ya dumelang ho nna, ha a dumele ho nna, empa o dumela ho ya nthomileng.


Ke le bolella taba eo e sa le jwale, e eso ho hlahe, hore mohla e hlahang, le dumele hobane ke nna.


Ho fihlela jwale, ha le eso ho kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, thabo ya lona e tle e tlale.


Ba tla le etsa tseo, ke hobane ha ba tsebe Ntate, leha e le nna.


Empa kahobane ke le boleletse tseo, dipelo tsa lona di tletse maswabi.


hore bohle ba hlonephe Mora, jwalokaha ba hlonepha Ntate. Ya sa hlonepheng Mora, ha a hlonephe le Ntate ya mo romileng.


Ho ratwang ke ya nthomileng ke hore, e mong le e mong ya tadimang Mora, mme a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng; mme nna, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.


Empa jwale, le tshwanetse ho mo rekolohela le ho mo tshedisa, motho eo a tle a se ke a qetwa ke maswabi a tlodisang.


Ka baka leo, haesale ke utlwa le nna tumelo ya lona ho Morena Jesu, le lerato la lona ho bahalaledi bohle,


Le se ke la phaka la sisinyeha pelong tsa lona, leha e le ho tshoha ke moya, mohlomong ke polelo, kapa ke lengolo leo ho thweng, le tswa ho rona, le ka reng: Letsatsi la Kreste le haufi.


ba dumetseng ka yena ho Modimo, o mo tsositseng bafung, wa ba wa mo tlotlisa, hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ