Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 13:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A ntoo tshela metsi mokekeng, mme a qala ho hlatswa maoto a barutuwa ba hae, a a hlakola ka lesela leo a itlamileng ka lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 A nto kga metsi, mme a qala ho hlatswa maoto a barutuwa le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamile ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Hoba a tshele metsi ka mokekeneng, a qala ho hlatswa maoto a barutuwa, le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamile ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Hoba a tshele metsi ka mokekeneng, a qala ho hlatswa maoto a barutuwa, le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamile ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 13:5
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, mme le kgatholohe tlasa fate sena.


a re: Oho hle, beng ba ka, a le keng le fapohele tlung ya mohlanka wa lona, le robale teng, mme le hlatswe maoto a lona; le ntoo tsohela tseleng ya lona. Ba re: Tjhe, re tla mpe re robale lepatlelong.


Yaba motho eo o tlisa banna bao ka tlung ya Josefa, a ba nea metsi a hlatswang maoto a bona, a fepa le diesele tsa bona.


Josafate a re: Hleka ha ho moporofeta wa Jehova mona, eo re ka botsang Jehova ka yena na? E mong wa bahlanka ba morena wa Iseraele a fetola, a re: Elisha, mora Shafathe, o teng, ya neng a tshella Elia metsi matsohong.


Ntlhatswe, o be o ntlhatswisise bokgopo ba ka, o mphekole sebe sa ka!


O ntoo atametsa Aarone le bara ba hae pela monyako wa tente ya pokano, o ba hlatswe ka metsi.


Itlhatsweng, le itlhwekise; tlosang bolotsana ba diketso tsa lona pela mahlo a ka, lesang ho etsa hampe;


Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.


Ya itlhatswang a hlatswe diaparo tsa hae, a beole mohwete wa hae kaofela, a ntoo itlhatswa ka metsi, mme etlaba o hlwekile; ke hona a tla lokela ho boela a kgutlela diahelong; empa o tla tshwanela ho dula kantle ho tente ya hae ka matsatsi a supileng.


Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.


A ema maotong a hae kamora hae, a ntse a lla; a qala ho mo kolobisa maoto ka meokgo ya hae, a ntoo a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae; a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo.


Yaba o retelehela ho mosadi, a re ho Simone: Mosadi enwa o a mmona na? Ke kene tlung ya hao, mme ha o a ka wa nnea metsi ho itlhatswa maoto; empa enwa o kolobisitse maoto a ka ka meokgo, o a hlakotse ka moriri wa hlooho ya hae.


Jesu a re ho yena: Ya seng a hlatswitswe ha a sa na ho hlatsuwa, haese maoto feela, mme etlaba o se a hlwekile kahohle. Lona le hlwekile, empa e seng bohle.


A tla le ho Simone Petrose; eo a mpa a re ho yena: Morena, na wena o ka hlatswa maoto a ka na?


Petrose a re ho yena: O ke ke wa ba wa hlatswa maoto a ka le ka mohla o le mong. Jesu a mo araba, a re: Ekare ha ke sa o hlatswe, ha o na kabelo ho nna.


Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka lerumo, yaba madi le metsi a phakisa a tswa ho lona.


Mme jwale, o diehetseng? Ema, o kolobetswe, mme o hlatsuwe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.


Mme ke seo ba bang ho lona le neng le le sona; empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, empa le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moya wa Modimo wa rona.


hore a tle a e halaletse, ha a se a e ntlafaditse ka hlatsuo ya metsi ka lentswe la hae,


ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.


a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.


Jesu Kreste ke yena ya tlileng ka metsi le ka madi; e seng ka metsi feela, empa e le ka metsi le ka madi. Mme Moya ke wona paki; hobane Moya ke nnete.


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.


Yaba o mo isa tlung ya hae, a nea diesele furu, ba ntoo itlhatswa maoto, ba eja, ba enwa.


Ebile o ema, a inamela fatshe ka sefahleho, a re: Ke nna enwa lekgabunyane la hao, ke be mofo ya hlatswang maoto a bahlanka ba monghadi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ