Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 13:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jesu a re ho yena: Ya seng a hlatswitswe ha a sa na ho hlatsuwa, haese maoto feela, mme etlaba o se a hlwekile kahohle. Lona le hlwekile, empa e seng bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Jesu a re ho yena: “Ya totseng o hlwekile kahohle, mme ha a sa hloka ho hlatsuwa haese maoto feela. Lona le hlwekile, empa e seng bohle.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Jesu a re ho yena: Ya seng a hlatswitswe ha a hloke ho hlatsuwa maoto, empa o hlwekile kahohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Jesu a re ho yena: Ya seng a hlatswitswe ha a hloke ho hlatsuwa maoto, empa o hlwekile kahohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 13:10
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kannete, ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya ntseng a etsa hantle, a sa tshohe a etsa sebe.


Thatohatsi ya ka, botle ba hao bo phethehile, ha ho sekodi ho wena.


Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, ho tla batlwa bokgopo ba Iseraele, mme bo tla ba siyo; le sebe sa Juda, mme ha se ka ke sa fumanwa; hobane ke tla tshwarela bao ke ba siileng.


Ya isitseng phooko ya Asasele, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a hlatswe le mmele wa hae metsing, a ntoo kgutlela diahelong.


Ya di tjhesitseng o tla hlatswa diaparo tsa hae, a hlatswe le mmele wa hae metsing; a ntoo kgutlela diahelong.


o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha re tshwarela ba nang le melato ho rona;


Ha ke bue ka lona kaofela; ke tseba bao ke ba kgethileng, empa ke hore Lengolo le tle le etsahale, le reng: Ya jang bohobe le nna o nthahile ka serethe sa hae.


Simone Petrose a re ho yena: Morena, a e se be maoto a ka feela, e be le wona matsoho le hlooho.


Lona, le se le hlahotswe ka lentswe leo ke le boleletseng lona.


Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.


Modimo wa kgotso, wona ka sebele, o le halaletse, o le etse ba phethehileng; kaofela ha moya wa lona, le ha pelo ya lona, le ha mmele wa lona, ho bolokelwe ho hlaheng ha Morena wa rona Jesu Kreste ho se na sekodi.


e leng dijo le dino feela, le dihlatsuo tse ngata, le mekgwa ya nama, e beilweng ho be ho fihle nako ya tokiso.


Hobane bohle re kgoptjwa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa kgoptjwe dipuong, eo ke monna ya phethehileng, ya ka tsebang ho busa le mmele kaofela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ