Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 12:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Setlolo seo se ne se sa rekeleng didenare tse makgolo a mararo, tsa newa bafumanehi na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 “Ke hobaneng ha setlolo see se sa ka sa rekiswa didenare tse makgolo a mararo, tsa newa mafutsana?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Hobaneng setlolo seo se sa ka sa rekiswa ka didenari tse makgolo a mararo, mme tsa newa mafutsana?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Hobaneng setlolo seo se sa ka sa rekiswa ka didenari tse makgolo a mararo, mme tsa newa mafutsana?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 12:5
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, haele moo re ja letswai la moreneng, mme ho sa re lokele hore re bone morena ha a senyehelwa, ke ka baka leo re rometseng ho morena, mme re mo tsebisa hore,


A re: Le botswa, le botswa! ke ka baka leo le reng: A re yo hlabela Jehova mahlabelo.


Leha ho le jwalo, palo ya setene seo ba neng ba ntse ba se etsa pele, le nne le e batle ho bona, le se ke la e qephisa, hobane ba botswa, ke ka baka leo ba howahowang, ba re: A re yeng re ye ho hlabela Modimo wa rona sehlabelo.


Tsatsi la kgwedi e thwasang le tla feta neng, re tle re rekise ka koro? Le Sabatha e tla feta neng, re tle re bule menyako ya mediko ya koro, re tswe re fokotsa tekanyo, re hodisa theko, re fosisa dikala ka ho thetsa?


Empa mohlanka eo, ha a tswela kantle, a teana le molekane wa hae wa bohlanka, ya nang le molato ho yena wa didenare tse lekgolo; yaba o a mo tshwara, a mo kgama, a re: Lefa molato wa hao.


Yare ha a dumellane le balemi hore moputso wa tsatsi le le leng e tla ba tjhelete ya denare, a ba romela tshimong ya hae ya merara.


Bapatsang ka tseo le nang le tsona, mme le fane; iketsetseng mekotla e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng teng, le moo tshwele e sa senyeng.


Eitse hobane Jesu a utlwe hoo, a re ho yena: O sa hloka ntho e le nngwe: Rekisa ka dintho tsa hao tsohle, mme o di abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.


Na o tadimelang lehlokwana le leihlong la ngwaneno, athe ha o lemohe tshiya e ka leihlong la hao?


Yaba e mong wa barutuwa ba hae, Judase Iskariota, mora Simone, ya neng a tla mo eka, o re:


A rialo, e seng kahobane a ne a hlokomela bafumanehi, empa e le kahobane e ne e le leshodu; ke yena ya neng a na le mokotlana wa ditjhelete, mme o ne a inkela se kenngwang teng.


Erekaha Judase e ne e le yena ya nang le mokotlana wa ditjhelete, ba bang ba ne ba lekanya eka Jesu o mmolella, a re: O reke seo re se hlokelang mokete, leha e le se ka newang bafumanehi.


Filipi a mo araba, a re: Mahobe a didenare tse makgolo a mabedi a ke ke a ba lekana, hore e mong le e mong wa bona a nke ho honyenyane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ