Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 12:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 hore ho tle ho etsahale polelo ya moporofeta Esaia, ha a re: Morena, ke mang ya dumetseng seo a se utlwileng ho rona? Mme letsoho la Morena le bonahetse ho mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 e le hore ho phethahale lentswe leo moporofeta Esaya a ileng a le bolela, a re: “Morena, ke mang ya dumelang seo re se bolelang? Tsoho la Morena le bonahaditswe ho mang?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

38 E le hore ho tle ho etsahale polelo ya moporofeta Esaia, eo a neng a e boletse, a re: Morena, ke mang ya dumetseng seo re se bolelang? mme letsoho la Morena le senotswe ho mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

38 E le hore ho tle ho etsahale polelo ya moporofeta Esaia, eo a neng a e boletse, a re: Morena, ke mang ya dumetseng seo re se bolelang? mme letsoho la Morena le senotswe ho mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 12:38
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Esekiase a rapela bakeng seo, a ena le Esaia, mora Amotse, moporofeta, mme ba howeletsa lehodimong.


Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.


Ho loka ha ka ho haufi, poloko ya ka e se e ya hlaha, mme matsoho a ka a tla ahlola ditjhaba; dihlekehleke di tla ntshepa, di tla nne di tshepe letsoho la ka.


Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?


Ke mang ya dumetseng seo re se bolelang, mme letsoho la Jehova le bonahetse ho mang?


Baikaketsi, Esaia o ne a porofete tsa lona hantle, ha a itse:


Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.


Yare hobane ba mo thakgise, ba arolelana diaparo tsa hae, ba di laola ka lotho; hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho.


Leha a ne a entse mehlolo e kalo pontsheng ho bona, ba ne ba sa dumele ho yena;


Ka baka leo, ba ne ba sitwa ho dumela, hobane Esaia o boetse a re:


Empa e le hore lentswe le ngodilweng molaong wa bona le etsahale, le reng: Ba ntlhoile feela.


Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka nna ka ba boloka ka lebitso la hao. Ke sireleditse bao o nneileng bona, mme ha ho le a mong wa bona ya timetseng, haese mora timelo, hore Lengolo le etsahale.


Yaba ba bolellana, ba re: A re se ke ra e hahola, re mpe re e laole ka lotho, hore re tle re tsebe hobane e tla ba ya mang. Ya eba hore ho etsahale Lengolo le itseng: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho. Bahlabani ba fela ba etsa jwalo.


Empa hase bohle ba mametseng Evangeli; jwalokaha Esaia a itse: Morena, ke mang ya dumetseng polelo ya rona?


Mme Esaia o buile phatlalatsa haholo, ka ho re: Ke fumanwe ke ba neng ba sa mpatle; ke ipontshitse ho bao ke neng ke sa botswe ke bona.


Empa ho ba bitsitsweng, leha e le ba Bajuda, leha e le ba Bagerike, Kreste ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.


ho senolela ka ho nna Mora wa wona, ke tle ke mmolele hara baditjhaba, ha ke a ka ka botsa nama, leha e le madi;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ