Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 12:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Jesu a re ho bona: Le sa na le lesedi ka motsotso o se okae. Tsamayang ha le sa na le lesedi, hore lefifi le se ke la le tshwara; hobane ya tsamayang lefifing, ha a tsebe moo a yang teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Jesu a re ho bona: “Lesedi le sa na le lona ka nakwana. Tsamayang ha le sa ntse le ena le lesedi, esere mohlomong lefifi la le tshwara. Ya tsamayang lefifing ha a tsebe moo a yang teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

35 Yaba Jesu o re ho bona: Lesedi le sa ntse le le lona ho se hokae. Tsamayang ha le sa ntse le na le lesedi, esere lefifi le se ke la le tshwara;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Yaba Jesu o re ho bona: Lesedi le sa ntse le le lona ho se hokae. Tsamayang ha le sa ntse le na le lesedi, esere lefifi le se ke la le tshwara;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 12:35
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa tsela ya baetsadibe e jwaloka lefifi la bosiu, ha ba tsebe moo ba tla wela teng.


Tloong, ba ntlo ya Jakobo, a re tsamayeng leseding la Jehova!


Ka baka leo, tsela ya bona ho bona e tla ba jwaloka nqalo e boreledi, e lefifi; ba tla kgothometswa, ba wele teng, hobane ke tla ba hlahisetsa tsietsi mohla ke ba kgalemelang; ho bolela Jehova.


Ba se bolella hore ke Jesu wa Nasaretha ya fetang.


Empa ha motho a tsamaya bosiu, a ka kgoptjwa, kahobane ha ho lesedi ho yena.


Jesu a araba, a re: Na hora ha di leshome le metso e mmedi ho letsatsi le le leng na? Ekare ha motho a tsamaya motshehare, a ke ke a kgoptjwa, kahobane o bona lesedi la lefatshe lena.


Ha le sa ntse le ena le lesedi, dumelang ho lesedi, le tle le fetohe bana ba lesedi. Jesu a bolela taba tseo, a ntoo tloha, a ipatela bona.


Nna, ke tlile lefatsheng, ke le lesedi, hore e mong le e mong ya dumelang ho nna, a se ke a dula lefifing.


Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone, hobane ke ya ho Ntate.


Yaba Jesu o re ho bona: Ke sa dutse le lona motsotso o se mokae, ke ntoo ya ho ya nthomileng.


Yaba Jesu o boela a bua le bona, a re: Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.


Empa dikelello tsa bona di ne di thatafatswe; hobane le jwale ha ho balwa ditaba tsa selekane sa kgale, lona lesira leo, le fediswang ke Kreste, le sa ntse le le teng, ha le eso ho ka le tloswa.


Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ya tumelo.


Hobane kgale le ne le le lefifi, empa jwale le lesedi Moreneng; tsamayang ke hona jwaloka bana ba lesedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ