Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 12:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Bongata ba mo araba, ba re: Rona re utlwile ka molao hore Kreste o tla ba teng ka ho sa feleng, mme wena, o bolela jwang hobane e ka kgona Mora motho a nyollwe na? Mora motho eo ke mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 Yaba letshwele le a mo araba, le re: “Re utlwile Molaong hore Kreste o tla hlola ka ho sa feleng, empa wena o bolela jwang ha o re eka kgona Mora Motho a phahamiswe? Mora enwa wa motho ke mang?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

34 Letshwele la mo araba, la re: “Re utlwile Molaong hore Kreste o tla hlola ka ho sa feleng; Mora motho enwa ke mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Letshwele la mo araba, la re: “Re utlwile Molaong hore Kreste o tla hlola ka ho sa feleng; Mora motho enwa ke mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 12:34
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo, mme ke tla tiisa terone ya mmuso wa hae ka ho sa feleng;


Jehova o hlapantse, a ke ke a kweneha; o itse: O moprista ka ho sa yeng kae, ka mokgwa wa Melkisedeke.


Mehleng ya hae, ya lokileng o tla atleha, mme kgotso e ya nne e ate ho isa ha kgwedi e lesa ho ba teng.


A tloswa mahlomoleng le kahlolong; mme ho kile ha lemoha mang hara ba leloko la hae, hore o kgaotswe lefatsheng la ba utlwang, le hore o otlilwe ka baka la sebe sa setjhaba sa ka?


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;


a newa mmuso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, o ke keng wa feta, borena ba hae bo ke ke ba fediswa.


Borena, le puso, le matla a mebuso yohle e katlasa mahodimo kaofela, di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, marena kaofela a tla mo sebeletsa, a mo utlwe.


se hlotsang ke tla se etsa masala, se lahletsweng hole ke se etse setjhaba se matla, mme ho tloha moo, Jehova o tla ba busa thabeng ya Sione, ka ho sa yeng kae.


Jesu eitse ha a fihla naheng ya Sesarea wa Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: Ke le Mora motho, batho ba re, ke mang na?


Eitse ha a kena Jerusalema, motse wohle wa hwerehana, wa re: Enwa ke mang na?


Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho ya hae teng.


Jesu a ba araba, a re: Na ha ho a ngolwa molaong wa lona, ho thwe: Ke itse: Le medimo?


Mme nna, etlare hobane ke nyollwe lefatsheng, ke tla hulela batho bohle ho nna.


Empa e le hore lentswe le ngodilweng molaong wa bona le etsahale, le reng: Ba ntlhoile feela.


Jwale, Jesu a re ho bona: Etlare hobane le fanyehe Mora motho, ke moo le tla tseba hobane ke nna enwa, le hobane ha ke etse letho ke nnotshi, ke mpa ke bolela ditaba tseo jwalokaha Ntate a nthutile.


Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.


Ka baka leo, jwalokaha ho tlola ha motho a le mong ho tlisitse tsuo hodima batho bohle, ka mokgwa o jwalo ho loka ha motho a le mong le hona ho tlisetsa batho bohle ho loka ho neang bophelo.


Empa yena, kahobane ke wa kamehla, o na le boprista bo sa abuweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ