Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 12:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ha bo ho le Bagerike hara ba tlileng moketeng ho rapela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ho ne ho ena le Bagerike ba bang hara ba nyolohang ho ya kgumamela Modimo moketeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Ho ne ho ena le Bagerike ba bang hara ba neng ba nyolohetse ho ya kgumamela moketeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Ho ne ho ena le Bagerike ba bang hara ba neng ba nyolohetse ho ya kgumamela moketeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 12:20
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlang oo, lehlomela la Jese le tla emisetswa ditjhaba ka mokgwa wa folaga; ditjhaba di tla le batla, nqalo ya ho phomola ha lona e tla ba kganya feela.


Mosadi eo e ne e le Mogerike, wa mofuta wa Basiro-Fenisia. A mo rapela hore a leleke motemona, a tswe ho moradi wa hae.


Eitse ha ho se ho tla feta matsatsi a tsheletseng, e ntoo ba Paseka, Jesu a fihla Bethania, moo Lasaro ya neng a shwele, a bileng a tsoswa ke yena, a neng a le teng.


Bafarisi ba bolellana ke hona, ba re: Lemohang hobane ha le thuse letho; bonang, lefatshe lohle le mo setse morao.


Yaba Bajuda ba botsana, ba re: Eo o tla ya kae, moo re ke keng ra mo fumana teng. Na o tla ya ho ba farasitseng hara Bagerike, a rute Bagerike na?


Pauluse le Barnabase, ha ba le Ikone, ba kena hammoho sinagogeng ya Bajuda, ba bolela lentswe teng, ha ba ha dumela bongata bo boholo ba Bajuda le ba Bagerike.


A ntoo ya Derba le Listra. Morutuwa o ne a le teng moo, ya bitswang Timothea, mora wa mosadi wa Mojuda ya dumetseng, ntatae empa e le Mogerike.


Ba bang hara bona ba dumela, ba kgomarela Pauluse le Silase, ba ena le bongata bo boholo ba Bagerike ba tshabang Modimo, le basadi ba hlomphuwang ba bangatanyana.


ke ntse ke kgothaletsa Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo, le ho dumela ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


ba howa, ba re: Banna ba Iseraele, tlatsang; suna motho ya ntseng a ruta batho kaofela kahohle thuto e lwantshang setjhaba, le molao, le nqalo ena; o bile o ekeditse ka ho tlisa Bagerike tempeleng, o bile o silafaditse nqalo ena e halalelang.


Yaba o tloha kapele, a ya teng. Mme a bona monna wa Ethiopia, letona le leholo la Kandase, mofumahadi wa Ethiopia, le moalosi wa maruo a hae kaofela, ya neng a tlile Jerusalema ho rapela;


Hobane ha ke na dihlong tsa ho bolela Evangeli, hobane ke matla a Modimo a ho pholosa mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena Mogerike.


Hobane moo ha ho kgethwe Mojuda le Mogerike, kahobane Morena wa bohle o mong, ya ruetseng ho sitsa bohle ba bitsang ho yena.


Empa esita le Tite ya neng a na le nna, leha e ne e le Mogerike, ha a ka a phehellelwa ho bolla.


Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mogerike; ha ho sa le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; ha ho sa le monna, leha e le mosadi; hobane kaofela ha lona le ntho e le nngwe ho Jesu Kreste.


Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ