Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 11:44 - Sesotho 1909/1961 (SO)

44 Yaba mofu o tswa a thatilwe matsoho le maoto ka masela, a kgurumeditswe sefahleho ka tuku. Jesu a re ho bona: Mo lokolleng, le mo lesele a itsamaele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

44 Ya neng a shwele a tswa a thatilwe maoto le matsoho ka masela a bafu, sefahleho sa hae se thatilwe ka lesela. Jesu a re ho bona: “Mo tlamolleng, le mo lese a ikele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

44 Mofu a tswa, a thatilwe maoto le matsoho ka masela, mme sefahleho sa hae se phuthetswe ka lesela. Jesu a re ho bona: Mo lokolleng, le mo lese a ikele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

44 Mofu a tswa, a thatilwe maoto le matsoho ka masela, mme sefahleho sa hae se phuthetswe ka lesela. Jesu a re ho bona: Mo lokolleng, le mo lese a ikele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 11:44
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo wa re: Lesedi ha le be teng, mme lesedi la eba teng.


Hobane, ha a bua, ho ye ho hlahe ntho; leha a laela, e ye e be teng.


Na ke tla ba lopolla matleng a nqalo ya bafu, ke ba namolele lefung? Wena lefu, mahloko a hao a kae? Wena nqalo ya bafu, tshenyeho ya hao e kae? Ha ke bone kamoo nka fetohang tabeng eo kateng.


Jesu a ba laya haholo, hore ho se ke ha tseba motho; a ntoo re, ba fe ngwanana dijo.


Mme e mong a tla, a re: Morena, ponto ya hao e sa le yona ena eo ke neng ke e phuthetse leseleng;


Yaba mofu o a dula, a qala ho bua; mme Jesu a mo nea mmae.


Jesu a re: Tlosang lejwe leo! Maretha, kgaitsedi ya mofu, a re ho yena: Morena, o se a nkga; hobane e se e le la bone a le mona.


Eitse hobane a bolele tseo, a howa ka lentswele le holo, a re: Lasaro, tswa moo!


Ba nka setopo sa Jesu, ba se phuthela ka masela hammoho le dinoko, ka mokgwa oo Bajuda ba epelang ka wona.


ha a inama ho nyarela, a bona masela a beilwe fatshe; empa a se ke a kena.


Lesela le neng le beilwe hodima hlooho ya hae le ne le sa bewa le masela a mang, empa le ne le phuthilwe, le beilwe kathoko le nnotshi.


Hobane, jwalokaha Ntate a tsosa bafu, le ho ba pholosa, le yena Mora o pholosa bao a ratang ho ba pholosa.


Kannetenete ke re ho lona: Nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo bafu ba tla utlwa lentswe la Mora Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.


ya tlang ho fetola mmele ya rona e nyatsehang, ho e etsa sebopeho se le seng le mmele wa hae o kganyang, ka tshebetso eo a ka tsebang ka yona le ho ipeela dintho tsohle katlasa hae.


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


Jehova o a timetsa, mme o a pholosa, o theosetsa lebitleng, mme o nyolla teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ