Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 11:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yena a re ho Jesu: E, Morena, ke a dumela hobane ke wena Kreste, Mora wa Modimo, eo ho itsweng, o tla tla lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 A re ho yena: “E, Morena; ke a dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 A re ho yena: E, Morena, ke dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 A re ho yena: E, Morena, ke dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 11:27
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.


a re ho yena: Ana ke wena ya boletsweng, ha thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?


Yaba Simone Petrose o araba, a re: O Kreste, Mora Modimo o phelang.


Jwale, a laya barutuwa ba hae, a re, ba se ke ba bolella motho hore ke yena Kreste.


ke ho re, kajeno, le tswaletswe Mmoloki, motseng wa Davida; ke Kreste, Morena.


Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone, Filipi a eso ho o bitse, o le tlasa sefate sa feiye.


Ba ne ba re ho mosadi: Ha re sa dumela ka baka la polelo ya hao; hobane re ikutlwetse, mme re a tseba hobane enwa ke Kreste ruri, Mmoloki wa lefatshe.


Mme batho bao, eitse ha ba bone mohlolo o entsweng ke Jesu, ba re: Kannete enwa ke moporofeta eo ho itsweng, o tla tla lefatsheng.


Mme re dumetse, ra ba ra tseba hobane ke wena Kreste, Mokgethwa wa Modimo!


Ba re ba sa tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi e leng teng; letona la re: Bona, metsi ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetswa na?


Filipi a re: Ha o dumela ka pelo yohle ya hao, ho ka etswa. La araba, la re: Ke a dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.


E mong le e mong ya dumelang hobane Jesu ke Kreste, o tswetswe ke Modimo; mme e mong le e mong ya ratang motswadi, o rata le ya tswetsweng ke yena.


Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ