Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 11:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 E mong le e mong ya phelang, mme a dumetse ho nna, a ke ke a shwa le ka mohla o le mong. Na o dumela hona na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Mang le mang ya phelang, mme a dumela ho nna, ha a ka ke a shwa le ka mohla o le mong; na o dumela hona na?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Mme e mong le e mong ya phelang, mme a dumela ho nna, a ke ke a shwa le ka mohla o le mong. Na u lumela see?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Mme e mong le e mong ya phelang, mme a dumela ho nna, a ke ke a shwa le ka mohla o le mong. Na u lumela see?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 11:26
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kapa na o re, nka sitwa ho rapela Ntate hona jwale, mme o ba a ya nnea dilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e mmedi, le tse fetisang?


Eitse ha a kena tlung, difofu tseo tsa tla ho yena, mme Jesu a re ho tsona: Na le a dumela hore nka tseba ho etsa hoo na? Tsa re ho yena: E, Morena.


Jesu a re ho yena: O reng ha o re, ha nka tseba ho thusa? Dumela: tsohle di ka etsetswa ya dumelang.


Nna ke di fa bophelo bo sa feleng, mme di ke ke tsa timela le ka mohla o le mong, mme ha ho motho ya ka di utlang letsohong la ka.


Na ha o dumele hobane ke ho Ntate, le hobane Ntate o ho nna? Mantswe ao ke le bolellang wona, ha ke a bolele ke nnotshi; mme Ntate ya dutseng ho nna, ke yena ya etsang mesebetsi eo ke e etsang.


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.


Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna o na le bophelo bo sa feleng.


Jesu a utlwa hobane ba mo lelekile; yare ha a mo fumana, a re ho yena: Na o dumela ho Mora wa Modimo na?


Hobane ha le phela ka thato ya nama, le tla shwa; empa ha le bolaya mesebetsi ya mmele ka Moya, le tla phela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ