Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 11:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mme ke thaba ka baka la lona, ha ke ne ke se teng, le tle le dumele; empa a re yeng ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 mme ka baka la lona ke thabela hore ebe ke ne ke le siyo, le tle le dumele, empa a re yeng ho yena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Mme ke thabela ka baka la lona hore ebe ke ne ke le siyo, le tle le dumele; leha ho le jwalo a re yeng ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Mme ke thabela ka baka la lona hore ebe ke ne ke le siyo, le tle le dumele; leha ho le jwalo a re yeng ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 11:15
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o iponahatsa ho yena ka bona bosiu boo, a re: Ke nna Modimo wa Abrahama, ntatao; se tshabe, hobane ke na le wena; ke tla o hlohonolofatsa, ke atise ditloholo tsa hao ka baka la Abrahama, mohlanka wa ka.


Ha a se a mo entse molaodi wa ntlo ya hae le wa tsohle tseo a nang le tsona, Jehova a hlohonolofatsa ntlo ya Moegepeta ka baka la Josefa, mme lehlohonolo la Josefa la eba ho tsohle tseo a nang le tsona ka tlung le naheng.


ha a ka a lesa motho ho ba tuba, a laela marena ka baka la bona, a re:


Leha ho ka rerwa bobe bakeng sa hao, e ke ke ya eba ka nna; e mong le e mong ya tlang ho rera bobe bakeng sa hao, o tla dihuwa ke wena.


Ho itswe ke Jehova: Jwaloka batho ha ba fihlela metsi ditholwaneng tsa morara, ba re: Se di senyeng, hobane nala e teng ho tsona, ke tla etsa jwalo ka baka la bahlanka ba ka, ke se ke ka ba timetsa bohle.


Jwale, Jesu a ba bolella phatlalatsa, a re: Lasaro o shwele.


Yaba Thomase, ya bitswang Didima, o re ho balekane ba hae: A re yeng le rona, re tle re shwe le yena.


Yare ha Jesu a utlwa, a re: Ho kula hoo ha ho ise ho shweng, empa ho isa tlotlisong ya Modimo, hore Mora wa Modimo a tlotliswe ka hona.


Jesu a araba, a re: Lentswe leo ha le a etsetswa nna, empa le etseditswe lona.


Mme ke ikgalalletsa bona, hore le bona ba halaletswe ka nnete.


Mohlolo ona, oo Jesu a qadileng ka wona, o ne a o etse Kana wa Galelea; a bontsha kganya ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.


Hobane tsohle di etsetswa lona, hore mohau ha o ntse o ata ka ba bangata, o tle o ngatafatse teboho, Modimo o be o tlotliswe.


Ke mamella tsohle ke hona ka baka la bakgethwa, hore le bona ba ke ba rue poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.


Ke le ngoletse taba tseo, lona ba dumelang lebitso la Mora wa Modimo, hore le tle le tsebe hobane le na le bophelo bo sa feleng, mme le tle le dumele lebitso la Mora wa Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ