Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 10:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jesu a boela a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Ke nna monyako wa dinku.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Jwale Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella hore ke nna monyako wa dinku.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, ke nna monyako wa dinku.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, ke nna monyako wa dinku.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 10:7
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le tsebe hobane Jehova ke Modimo! Ke yena ya re entseng, mme re ba hae, re setjhaba sa hae, re mohlape o aloswang ke yena.


Mme rona, setjhaba sa hao, mohlape oo o leng moalosi wa wona, re tla o leboha ka ho sa yeng kae, re bolele dithoko tsa hao ditloholong le ditloholwaneng!


Hobane ke Modimo wa rona, re setjhaba seo e leng modisa wa sona, mohlape o tsamaiswang ke letsoho la hae.


Bohle re ne re lahlehile jwaloka dinku, re ne re ya e mong le e mong ka tsela ya hae; empa Jehova o mo jarisitse makgopo wohle a rona.


Haele lona, mohlape wa ka, dinku tsa madiso a ka, le batho; nna, ke Modimo wa lona: ho rialo Morena Jehova.


Jwaloka mehlape ya dinku tse kgethetsweng mahlabelo, e leng mehlape ya Jerusalema diphuthehong tsa teng tse mahlonoko, ka mokgwa o jwalo, metse e timeditsweng e tla tlala mehlape ya batho, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Kannetenete ke re ho lona: Ya sa keneng ka monyako lesakeng la dinku, a mpa a tlolela teng kahosele, ke leshodu le senokwane.


Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha; o tla nne a kene, a tswe, a bone makgulo.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.


hobane ke ka yena re nang le katamelo ba babedi ho Ntate, ka Moya o le mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ