Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 10:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jesu a ba bolella papiso eo, empa bona ha ba ka ba utlwisisa tseo a ba bolellang tsona hore na ke dife.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Jesu o ile a ba bolella papiso ena, empa bona ha ba a ka ba utlwisisa hore na tseo a di buang ho bona ke dife.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Jesu a bua le bona ka setshwantsho seo, empa bona ha ba ka ba utlwisisa seo a ba bolellang sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Jesu a bua le bona ka setshwantsho seo, empa bona ha ba ka ba utlwisisa seo a ba bolellang sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 10:6
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bontata rona ha ba ka ba nahana mehlolo ya hao Egepeta, ha ba ka ba elellwa bongata ba mehauhelo ya hao, ba mpa ba ikgantsha pela lewatle, Lewatle le Lefubedu.


Ha ba na hlalefo, leha e le kutlwisiso; ba tsamaya lefifing; metheo kaofela ya lefatshe e a kgwehla.


Ba babe ha ba utlwisise se lokileng; empa ba batlang Jehova ba utlwisisa ditaba tsohle.


Dintja tseo di meharo, ha di kgore; ke badisa ba se nang kelello, e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, o latela tseo e leng tsa hae, ho qala ka wa pele ho isa ho wa ho qetella.


Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba sweufale, ba lekwe; ba babe ba ya nne ba etse hampe, mme ha ho moetsadibe ya tlang ho utlwisisa, empa ba hlalefileng ba tla utlwisisa.


Ditaba tseo tsohle Jesu a di bolella bongata ka ditshwantsho, mme o ne a sa bue letho le bona a sa tshwantshe;


Jesu a re ho bona: Ana le utlwisisa taba tseo tsohle na? Ba re ho yena: E, Morena.


O ne a se ke a ba bolella letho haese ka ditshwantsho; ere ha a le kathoko, a qaqisetse barutuwa ba hae ditaba tsohle.


Ke le boleletse taba tseo ka dipapiso; empa nako e a tla, eo ke sa tlo hlola ke bua le lona ka dipapiso; ke mpa ke tla le tsebisa tsa Ntate phatlalatsa.


Barutuwa ba hae ba re ho yena: Bona, jwale o bua phatlalatsa; ha o sa bolela dipapiso.


Yaba Bajuda ba tsekisana hammoho, ba re: Na eo a ka re nea nama ya hae jwang, ra e ja?


Barutuwa ba hae ba bangata, hobane ba utlwe a rialo, ba re: Taba eo e thata, ya ka e utlwang ke mang?


Taba eo a e boletseng e reng, ha a re: Le tla mpatla, mme ha le ka ke la mpona, le moo nna ke leng teng, lona le sitwa ho tla?


Ha ba ka ba utlwisisa hore o bua tsa Ntatae ho bona.


Ha le utlwisise puo ya ka keng? Ke hobane le sitwa ho utlwa lentswe la ka.


Empa motho wa nama ha a amohele ditaba tseo e leng tsa Moya wa Modimo; hobane ho yena ke bohlanya, mme o sitwa ho di tseba, hobane di lemohuwa ka moya.


Empa ba hlahetswe ke taba ya setshwantsho sa nnete se reng: Ntja e kgutletse mahlatseng a yona, mme kolobe, hobane e hlatsuwe, e boetse e ipitikile seretseng.


Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ