Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 10:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Jesu a ba araba, a re: Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la dumela; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate ke yona e mpakang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Jesu a ba araba, a re: “Ke le boleletse, mme ha le dumele; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate, ke yona e mpakang,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Jesu a ba araba, a re: Ke le boleletse, mme ha le a ka la dumela; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate, ke yona e mpakang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Jesu a ba araba, a re: Ke le boleletse, mme ha le a ka la dumela; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate, ke yona e mpakang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 10:25
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a ba araba, a re: Ke le bontshitse mesebetsi e mengata e metle, e tswang ho Ntate; ke tlepeletswa ofe ho yona na?


Ekare ha ke sa etse mesebetsi ya Ntate, se ntumeleng;


empa ekare ha ke e etsa, mme le sa dumele ho nna, dumelang mesebetsi, hore le tle le tsebe, mme le dumele hobane Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho yena.


Yaba baprista ba baholo le bafarisi ba bokella lekgotla, ba re: Re tla etsang, haele mona motho eo a etsa mehlolo e mengata na?


Leha a ne a entse mehlolo e kalo pontsheng ho bona, ba ne ba sa dumele ho yena;


Ntumeleng, hobane ke ho Ntate, le hoba Ntate o ho nna; ho se jwalo, ntumeleng ka baka la yona mesebetsi.


Jesu a etsa mehlolo e meng e mengata pontsheng ya barutuwa ba hae, e sa ngolwang bukeng ena.


A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo; hobane ha ho motho ya ka etsang mehlolo eo o e etsang, ha Modimo o se ho yena.


Ba bangata hara bongata ba dumela ho yena, ba re: Etlare hobane Kreste a tle, na o tla etsa mehlolo e fetisang e entsweng ke enwa na?


Yaba Jesu o boela a bua le bona, a re: Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.


Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Le tla shwa dibeng tsa lona. Ekare ha le sa dumele hobane ke nna enwa, le tla shwa dibeng tsa lona.


Abrahama, ntata lona, o nyakalletse ho bona letsatsi la ka, mme o le bone, a ba a thaba.


Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Abrahama ha a eso ho hlahe, ke ntse ke le teng.


kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.


Banna ba Iseraele, utlwang taba tsena: Jesu wa Nasaretha, monna eo le mo supisitsweng ke Modimo ka diketso tse matla, le ka meeka, le ka mehlolo eo Modimo o e entseng ka yena hara lona, jwalokaha le tseba le lona,


ana re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo, e neng e qale ho bolelwa pele ke Morena, ya ntoo tiiswa ho rona ke ba e utlwileng,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ