Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 1:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Andrease, ngwanabo Simone Petrose, e ne e le e mong wa ba babedi bao ba utlwileng Johanne ha a bolela, mme ba latela Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

41 Andrease a qala ka ho batla ngwanabo, Simone, a re ho yena: “Re fumane Mesia,” ke ho re: Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

41 Yena a qala ka ho fumana Simone, ngwanabo, mme a re ho yena: Re fumane Mesia, ke ho re, Kreste, ha ho fetolwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Yena a qala ka ho fumana Simone, ngwanabo, mme a re ho yena: Re fumane Mesia, ke ho re, Kreste, ha ho fetolwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 1:41
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba bolellana, ba re: Ha re etse hantle; letsatsi lena ke tsatsi la thabo, re mpa re kgutsitse; ha re dieha e ba e eba hosasa, kotlo e nngwe e tla re hlahela; ha re tloheng hle, re ye, re tsebise ba ntlo ya morena.


Marena a lefatshe a phuthehetseng, le mahosana a bokanetseng ho tsohela Jehova le motlotsuwa wa hae matla?


O rata ho loka, mme o hloile bokgopo. Ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya nyakallo ho fetisa balekane ba hao.


ke bone Davida, mohlanka wa ka, ke mo tlotsitse ka ole ya ka ya kgalalelo.


Moya wa Jehova o tla dula hodima hae, moya wa bohlale le wa kelello, moya wa keletso le wa matla, moya wa ho tseba le wa ho tshaba Jehova.


Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;


Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.


Eitse hobane ba le bone, ba bolela kahohle taba tsa ngwana, tseo ba di boleletsweng.


Le yena a hlaha nakong yona eo, a boka Morena, mme a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.


Athe Filipi eo e ne e le motho wa Bethsaida, motse wa habo Andrease le Petrose.


Mosadi a re ho yena: Ke a tseba hobane Messia, ya bitswang Kreste, o tla tla; mohla eo a tlileng, o tla re tsebisa tsohle.


kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.


Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;


seo re se boneng, seo re se utlwileng ke sona seo re le bolellang sona, hore le lona le tle le be le kopano le rona; mme kopano ya rona re na le yona le Ntate, le Mora wa hae Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ