Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 1:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Johanne o mo pakile; a phahamisa lentswe, a re: Ke yena eo ke neng ke mmolela, ha ke re: Ya tlang kamorao ho nna, o moholo ho nna, kahobane a ne a le pele ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Johanne o mo pakile, mme a howa, a re: “Enwa ke yena, eo ke neng ke mmolela, ha ke re: ‘Ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka boholo, hobane o bile teng pele ho nna.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Johanne o mo pakile, a howa, a re: Enwa ke yena ke neng ke mmolela, ha ke re: Ya tlang kamorao ho nna, o bile teng pele ho nna;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Johanne o mo pakile, a howa, a re: Enwa ke yena ke neng ke mmolela, ha ke re: Ya tlang kamorao ho nna, o bile teng pele ho nna;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 1:15
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova o mpopile ho qaleng ha ditsela tsa hae, mesebetsi ya hae e eso ho be teng, boholoholo.


Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;


Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.


Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


O ne a bolela, a re: Ho sa tla kamorao ho nna e mong ya mphetang kamatla, eo ke sa lokelang ho inama pela hae ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae.


Johanne a ba araba bohle, a re: Nna, ke fela ke le kolobetsa ka metsi; empa e mong o a tla, ya mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


ke yena ya tlang kamorao ho nna, ya bileng teng pele ho nna, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la seeta sa hae.


Jwale, wena Ntate, o ntlotlise ho wena ka kganya eo ke neng ke ena le yona ho wena, lefatshe le eso ho be teng.


Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Abrahama ha a eso ho hlahe, ke ntse ke le teng.


Ke yena ya leng kapele ho dintho tsohle, mme tsohle di eme ka yena.


Jesu Kreste e ne e le yena maobane, e sa le yena le kajeno, mme e tla nne e be yena ka ho sa feleng.


Ke nna alfa le omega, wa pele le wa morao. Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o ntoo se romela ho dikereke tse supileng tse Asia, e leng Efese, le Smirna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Ngolla lengeloi la kereke ya Smirna, o re: Wa pele le wa morao, ya kileng a shwa, mme a boela a phela, o bolela tsena, o re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ