28 Jwale, le mpeng le ntadime, mme mahlo a lona a tla bona ha ke le leshano.
28 “Jwale dumelang, le ntadime sefahlamahlo: Taba di mahlong, shano la ka le tla itshupa.
Na taba tsa hao tsa lefeela di tla kgutsisa banna na? Na o tla nne o some, ho se ya o hlabisang dihlong?
hobane lona, le balohi ba mashano, kaofela ha lona le dingaka tse se nang molemo.
Ha ekaba ha ho jwalo, ke mang ya ka mpontshang ha ke le leshano, mme polelo ya ka e tla etswa lefeela ke mang?
melomo ya ka e ke se ke ya bolela leshano, le leleme la ka le ke se ke la ntsha thetso.
Taba tsa ka di tla bapa le nnete ya pelo ya ka, melomo ya ka e bolele mehopolo ya ka e hlwekileng.
Hobane ruri dipolelo tsa ka e ke ke ya eba tsa leshano: pela hao ho eme ya phethehileng tsebong.