Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 6:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Banabeso ba tletse thetso jwaloka phororo, jwaloka metsi a molatswana a nyamellang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Bana beso ha ba tshepahale sa melatswana, ba ka melatswana e tlala, e ba e feta,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 6:15
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla lebala bohloko ba hao, o bo elellwe jwaloka metsi a fetileng;


hobane lona, le balohi ba mashano, kaofela ha lona le dingaka tse se nang molemo.


Metsi a ye a fele letsheng, mme melatswana e ye e pshe, e omelle;


O suthiseditse banabeso hole le nna, bao ke tsebanang le bona ba ikentse basele ho nna.


Ke tshabeha ho bao ke kunutang le bona, bao ke neng ke ba rata ba fetohile dira ho nna.


a ba maduke ke leqhwa, mme lehlwa le itihela teng.


Metswalle ya ka le banabeso ba emetse thoko, ha ba bona leqeba la ka, le beso ba emetse hole.


Esita le monna ya kgotsitseng ho nna, eo ke neng ke mo tshepile, ya neng a eja bohobe ba ka, o nthahile ka serethe.


O suthiseditse hole le nna metswalle ya ka le dithaka tsa ka; tseo ke tsebanang le tsona ke nqalo tsa lefifi.


Molotsana eo o mo tshepileng mohla tsietsi, ke leino le robehileng le leoto le tetemang.


Hobane haele ba heno le ba ntlo ya ntatao, ba o eka, mme le bona ba o purumela. Ha be ena le dipolelo tse monate le wena, o se ke wa ba dumela.


Bohloko ba ka bo setse keng ka ho sa feleng, le leqeba la ka ha le okwe keng na? Le hanelang ho fola? Na ho nna o tla ba sediba se thetsang, le metsi a psheleng na?


Dinyatsi tsa hao kaofela di hlile di o lebetse, ha di sa re letho ka wena, kahobane ke o batile ka leqeba leo e kang ke la sera, le ka kgalemelo e thatathata, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di ngatafetse.


Bona, basadi kaofela ba sa setseng ka tlung ya morena wa Juda ba tla iswa ho balaodi ba morena wa Babilona, mme ba tla re: O hlile wa phongwa, wa hlolwa ke ba neng ba o tshepisa kgotso; maoto a hao ha a tetebetse seretseng, bona ba boela kasanthao.


Ha ke bue ka lona kaofela; ke tseba bao ke ba kgethileng, empa ke hore Lengolo le tle le etsahale, le reng: Ya jang bohobe le nna o nthahile ka serethe sa hae.


Bonang, nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo le tla qhalana ka yona, e mong le e mong a ye ka tsela ya hae, le ntlohele ke nnotshi; empa ha ke nnotshi, hobane Ntate o na le nna.


Bao ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba ntse ba eja le lona; ba kgora hampe, ba se na dihlong; ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya; ke difate tse hlohlorehileng, tse sa beheng, tse shweleng habedi, tse fothotsweng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ