27 A ke ka taelo ya hao ntsu e phahamang, e ye ho haha ntlo ya yona phahameng na?
27 Na ke ka taelo ya hao ntsu e tsebang ho fofa, e hahang hlaha sa yona hodimo tsullung?
Na ke ka ketso ya kutlwisiso ya hao ha nkgodi e fofa, mme e otlollela nqa borwa mapheo a yona na?
E dula mafikeng, e ikgahella nkong ya mafika le diqhobong.
O kgorisa molomo wa hao ka tse molemo, mme botjha ba hao bo ntjhafala jwaloka ntsu.
Le bone seo ke se entseng ho Baegepeta, le kamoo ke le pepileng kateng ka mapheo a ntsu, ka le tlisa ho nna.
O le tadimelang, haele moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele hodimo jwaloka ntsu.
ke mohlala wa ntsu sebakeng sa lehodimo, le mohlala wa noha lefikeng, le mohlala wa sekepe mahareng a lewatle, le mohlala wa monna mosading.
Empa ba itshepelang Jehova ba bona matla a matjha, ba fofa jwaloka ntsu, ba matha, mme ha ba kgathale; ba tsamaya, mme ha ba fokole.
Boikakaso ba hao bo o thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao, ha o ahile mapetsong a mafika, o dutse phahameng ya marallana! Le hoja o ka haha ntlo ya hao phahameng jwaloka ntsu, ke tla o diha teng, ho bolela Jehova.
O kenya terompeta molomong wa hao. Sera se fofa jwaloka ntsu, se wela ntlo ya Jehova; kahobane ba tlotse selekane sa ka, ba kwenehetse molao wa ka.
Haele dinonyana tseo le tla re ke manyala, tse se nang ho jewa, tse tlang ho ba manyala ho lona, ke tsena: Ntsu, le seodi, le ntsu ya lewatle;
Leha o ka haha ntlo ya hao e phahameng, jwaloka ntsu, leha o ka e bea hara dinaledi, le teng ke tla o dihela, ho bolela Jehova.