Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 38:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Na o buletswe menyako ya lefu na? Na o bone menyako ya moriti wa lefu na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Na menyako ya ntlo ya lefu o kila e bona? Kapa wa bona menyako ya Nqalo ya Bafu?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 38:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke eso ho ikele moo nke keng ka hlola ke kgutla teng, naheng ya lefifi le ya moriti wa lefu;


Bo phahame jwaloka lehodimo: o ka etsang? Bo tebile ho fetisa nqalo ya bafu: o ka tsebang?


O senola makunutu a patilweng lefifing; o hlahisa moriti wa lefu leseding.


Nqalo ya bafu e feela pela wona; ho wona bodiba ha bo na tshirelo.


A le patwe ke botsho le ke moriti wa lefu, leru le ke le le kwahele, mme le ke le tshabiswe ke se fifatsang letsatsi.


Ha ho lefifi, ha ho moriti o motsho, moo ba sebetsang bokgopo ba ka ipatang teng.


Ba nnile ba aha lefifing le moriting wa lefu, e le ba tlamilweng ka bomadimabe le ditshepe.


a ba ntsha lefifing le moriting wa lefu, a roba ditlamo tsa bona.


Ba ne ba se ba tennwe ke dijo tsohle, ba se ba fihlile menyakong ya lefu.


Ditlamo tsa lefu di na be di nthatetse, ke na be ke tshwerwe ke matswalo a nqalo ya bafu, ka fumana matswalo le hlokofalo.


Leha nka tsamaya kgohlong ya moriti wa lefu, nke ke ka tshoha bobe leha bo le bong, hobane o na le nna; lere la hao le seikokotlelo sa hao ke tsona tse ntshedisang.


Nkgauhele, Jehova; bona bomadimabe boo ba ntlhoileng ba nkgatakelang ka bona, wena ya nnyollang menyakong ya lefu,


athe ke yena ya entseng Selemela le Makolobe; ya fetolang lefifi lesedi la hosasa, le motshehare o o fetola lefifi; o bitsa metsi a lewatle, mme o a tshollela hodima lefatshe; Jehova ke lebitso la hae;


setjhaba se neng se dutse lefifing, se bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng ya lefu le moriting wa lona.


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ