Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 37:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 O re ho lehlwa: Kgethehela lefatsheng! O rialo le ho pula le ho dikgohola tse kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ho lehlwa o re: ‘Kgethehela lefatshe!’ Ho lefafatsane: ‘Fetoha ditlwebelele!’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 37:6
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa setjhaba se seholo; hape, ke nako ya dipula tse kgolo; ha ho kamoo re ka emang kantle kateng; hape, hase mosebetsi wa tsatsi le le leng, kapa wa matsatsi a mabedi, re tswe re le bangata haholo ba sitilweng tabeng ena.


Yaba batho bohle ba Juda le ba Benjamine ba phuthehela Jerusalema ka tshiu tse tharo, e le ka kgwedi ya boroba mono o le mong, ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi; setjhaba sohle sa tla, sa dula lepatlelong le pela ntlo ya Modimo, se ntse se thothomela ka baka la taba e leng teng le ka baka la dipula.


mohla o beelang pula melao, o bontshang tladi e dumang tsela ya yona;


O hula marothodi a metsi, mohodi oo o o bopang ka wona o hlotlha dipula


Na o finyeletse tlung ya polokelo ya lehlwa? Na o bone ntlo ya polokelo ya sefako,


O tshollela pula lefatsheng, o mathisa metsi masimong;


mollo, le sefako, lehlwa le mehodi, meya ya difefo e phethang ditaelo tsa hae;


Mohloki ya busang mafutsana, ke sekgohola se sa siyeng bohobe.


ere ho ba dubang seretse seo se dilang: Lerako le tla heleha! Dikgohola di tla matha, mme lona, majwe a sefako, le tla wa; moya wa difefo o tla puka.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Kgalefong ya ka, ke tla pukisa moya wa difefo; bohaleng ba ka, dikgohola di tla matha, kgalefong ya ka, majwe a sefako a tla wa ho timeletsa ruri.


O haha matlo a hae a phahameng lehodimong; o bea lehodimo ho ba marulelo a hae hodima lefatshe; o bitsa metsi a lewatle, a a tshollele hodima lefatshe: lebitso la hae ke Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ