Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 37:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Na o ka tseba ho ala sebaka sa lehodimo hammoho le wona, wa se fa bothata ba seipone sa tshepe e tsholotsweng na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Na o ka mo thusa ho sarolla mahodimo, mahodimo a bothata ba seipone sa lethose?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 37:18
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na o utlwisisa kamoo diaparo tsa hao di nkang mofuthumela kateng, ha o etsa lefatshe lebatama ka moya wa borwa na?


O ipopa ka lesedi jwaloka hola ke kobo, o menolla mahodimo jwaloka lesela la tente;


Bokang Jehova! Rorisang Modimo sehalalelong sa wona, o roriseng lehodimong le entsweng ke matla a wona!


Yaba ho etswa morifi wa koporo, le sedulwana sa wona sa etswa ka koporo, ho nkilwe diipone tsa ho ipona tsa basadi ba sebetsang, ba neng ba etla tshebeletsong ka dihlopha, monyako wa tente ya pokano.


Mohla a lokisang mahodimo, ke ne ke le teng; mohla a dikadiketsang lewatle ka moedi;


Ke mang ya lekantseng metsi ka seatleng sa hae? Ke mang ya lekantseng mahodimo ka boahlamo ba menwana ya hae? Ke mang ya bokeletseng lerole la lefatshe tekanyong? Ke mang ya lekantseng boima ba dithaba ka sekgoketsane, le dithabana ka sekala?


Ke yena ya nang le terone ya hae hodima phikoloho ya lefatshe, leo ba ahileng ho lona ba leng ho yena jwaloka ditsie; ke yena ya menollang mahodimo jwaloka lesela le lesesane la kase, mme o a phutholla jwaloka tente ya ho aha teng.


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa hao, ya o entseng esale le popelong ya mmao: Ke nna Jehova ke entseng dintho tsohle, ke manolotseng mahodimo ke nnotshi, ke adileng lefatshe ke le mong,


Ke nna ke entseng lefatshe, ke bopileng motho hodima lona; mahodimo a adilwe ke nna ka matsoho a ka, ka laola makgotla a wona kaofela.


Ke wona o entseng lefatshe ka matla a wona, o lokisitse lefatshe le ahilweng ka bohlale ba wona, ka hlalefo ya wona o sarolotse mahodimo.


Boporofeta ba lentswe la Jehova hodima Iseraele: Ho itswe ke Jehova ya alang mahodimo, ya theang lefatshe, ya bopang moya wa motho ka ho yena:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ