Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 37:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Na o utlwisisa ho ebesela ha maru? Na o utlwisisa bohlale ba wona bo phethehileng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Na o tseba kamoo maru a tsheheditsweng kateng, le dimakatso tsa eo tsebo ya hae e phethehileng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 37:16
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O thibela metsi marung a wona, mme maru ha a phatlohe ka boima ba wona.


Ke mang ya utlwisisang ho otlana ha maru, le modumo oo tente ya wona e dumang ka wona?


Hobane ruri dipolelo tsa ka e ke ke ya eba tsa leshano: pela hao ho eme ya phethehileng tsebong.


Oho Jobo, sekehela taba tseo ditsebe tsa hao; ema, o nahane mehlolo ya Modimo.


Na o tseba kamoo Modimo o di hlahisang kateng; kamoo o rerang lesedi la maru a wona kateng hore le hadime na?


Na o utlwisisa kamoo diaparo tsa hao di nkang mofuthumela kateng, ha o etsa lefatshe lebatama ka moya wa borwa na?


Modimo o duma ka lentswe le tshabehang, o etsa dintho tse kgolo tseo re sitwang ho di utlwisisa.


e leng wona o etsang dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng.


Jehova, mesebetsi ya hao e mengata hakakang! O e entse kaofela ka bohlale; lefatshe le tletse matlotlo a hao.


Morena wa rona o moholo, matla a hae a maholo ka ho fetisisa; kutlwisiso ya hae ha e na ho lekanngwa.


re tla phetela ditloholo tsa rona dithoko tsa Jehova, le matla a hae, le mehlolo e entsweng ke yena.


Ke yena ya nang le terone ya hae hodima phikoloho ya lefatshe, leo ba ahileng ho lona ba leng ho yena jwaloka ditsie; ke yena ya menollang mahodimo jwaloka lesela le lesesane la kase, mme o a phutholla jwaloka tente ya ho aha teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ