14 Oho Jobo, sekehela taba tseo ditsebe tsa hao; ema, o nahane mehlolo ya Modimo.
14 “Oho, wena Jobo, ako mamele sena: Kgutsa, o ko nahane dimakatso tsa Modimo!
Ke mang ya ka reng ho wona: O etsa hampe? O se ke wa lebala ho hodisa mesebetsi ya wona e roriswang ke batho ka dithoko.
e ka thupa e otlang lefatshe ha le ena le molato, mohlomong o a tsamaise ho hlohonolofatsa ka wona.
Na o tseba kamoo Modimo o di hlahisang kateng; kamoo o rerang lesedi la maru a wona kateng hore le hadime na?
Na o utlwisisa ho ebesela ha maru? Na o utlwisisa bohlale ba wona bo phethehileng?
Modimo o duma ka lentswe le tshabehang, o etsa dintho tse kgolo tseo re sitwang ho di utlwisisa.
e leng wona o etsang dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng.
Mesebetsi ya Jehova e meholo, e batlisiswa ke bohle ba kgahlwang ke yona.
Tlohelang, mme le tsebe hoba ke nna Modimo o busang ditjhaba, o busang lefatshe!
Yaba Moshe o re ho setjhaba: Se tshoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa yona kajeno, hobane Baegepeta bao le ba bonang kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona hape, le ka ho sa feleng.
Tadima mosebetsi wa Modimo. Ke mang ya ka otlollang seo o se kobileng?
Empa Jehova o ka tempeleng ya hae e kgethehileng ... Lefatshe lohle le ke le thole pela hae!