Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 37:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Pelo ya ka e tshohile ke hona, e sisimoloha tulong tsa yona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 “Fefo sena se thefula methapo ya pelo ya ka, ere ha e thanya e be tlohe madulong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 37:1
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ke hopola hoo, ke ye ke timellwe ke mehopolo, mme nama ya ka e sisimohe.


Modumo wa wona o a o utlwahatsa, esita le diphoofolo di a o utlwa, ha o atamela.


Utlwang! utlwang ho duma ha lentswe la wona, le modumo o tswang molomong wa wona!


Yaba Jehova o fetola Jobo a le sefefong, a re:


tshoho le thothomelo tsa nkwela hodimo, tshisimoho ya thekesedisa masapo a ka kaofela;


Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.


Modimo o tshabeha mokgatlong o moholo wa bahalaledi, o tshajwa ke bohle ba o teelang hare.


Ka tsatsi la boraro, ha bo esa, diaduma tsa eba teng, le mahadima, mme leru le letenya la eba hodima thaba, le modumo wa terompeta o matla ka ho fetisisa; mme setjhaba kaofela se neng se le diahelong sa thothomela.


Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.


Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.


Mme hang tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, metheo ya teronko ya ba ya sisinyeha; hanghang menyako kaofela ya bulwa, mme mahlaahlela a bohle a lokoloha.


Eitse ha a kopile lebone, a mathela teng, a itihela maotong a Pauluse le Silase, a ntse a tlakasela.


Haele tsa Dane, a re: Dane ke tauana, o tla tlola, a le Bashane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ