9 ke moo Modimo o ratang ho ba senolela diketso tsa bona le ditlolo tsa boikgohomoso ba bona;
9 o ba supisa mesebetsi ya bona, dibe tse entsweng ka boikgantsho.
Ke tla re ho Modimo: O se ke wa ntswa, o mpe o mpolelle seo o se tsekang ho nna!
Hobane o otlolotse letsoho la hae ho lwantsha Modimo, o phephetsa Ya matla wohle;
Ha ke ne ke eso ho kokobetswe, ka na ka kgeloha; empa jwale, ke ela lentswe la hao hloko.
Ho molemo ho nna ha ke bile ka kokobetswa, ke tle ke ithute ho mamela dikomelo tsa hao.
O ba otle, Modimo, ba dihuwe ke merero ya bona. O ba dihe ka baka la dibe tsa bona tse ngata, hobane ba ikgantsheditse wena.
Jehova, ho lehlohonolo motho eo o mo layang, eo o mo rutang ka molao wa hao,
Hobane ditlolo tsa rona di atile pela hao, dibe tsa rona di a re qosa, etswe re ikutlwa ditlolo tsa rona, mme re tseba dibe tsa rona;
Moshe a nka tjhelete e lopollang ba fetang palo ya ba seng ba lopolotswe ya Balevi,
Empa molao o hlahile hore tlolo e ngatafale; mme moo sebe se ngatafetseng, mohau le wona o ngatafetse kahodimo;
Empa ha re ahlolwa, re lauwa ke Morena, re tle re se ke ra tsuwa le lefatshe.
Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.