le nna, eitse hobane ke botsisise ditaba tsohle ho tloha ho hlaheng ha tsona, ke re, ho a ntshwanela hore ke o ngolle tsona ka lenaneo la tsona, Theofile ya kgabane,
Felikse, ya neng a tseba haholwanyane tsa thuto eo, hobane a utlwe taba tseo, a ba beela tsatsi le leng, a re: Etlare ha Lisiase, molaodi wa sekete, a fihlele, ke moo ke tla le ahlolela ditaba tsa lona.
Hobane ha re tshwane le ba bangata ba tswakang lentswe la Modimo; re ntse re bua re le ba nnete, re le ba buiswang ke Modimo, pontsheng ya Modimo, re le ho Kreste.
Epafrase wa ha heno, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa; o ntse a le lwanela kamehla merapelong ya hae, hore le ke le eme le phethehile, mme le kgodise ka ho etsa ho rata hohle ha Modimo.